Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 15:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Jwale Davida a nyoloha moepeng wa thaba ya Mehlwaare, a hlwa a ntse a lla, hlooho ya hae e kgurumeditswe, a tsamaya, a rotse le dieta, le setjhaba sohle se ho yena se ikgurumeditse dihlooho, se ehlwa se ntse se lla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Davida a nyolosa moepa wa Thaba ya Mehlwaare, a ntse a lla. O ne a ikgurumeditse hlooho, a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikgurumeditse dihlooho, mme ba nyoloha ba ntse ba lla.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 15:30
21 Referencias Cruzadas  

Ha ho le jwalo, Tsadoke le Abiathare ba kgutlisetsa areka ya Modimo Jerusalema, ba dula teng.


Haele morena, o ne a ikgurumeditse sefahleho, a ntse a meketsa ka lentswe le leholo, a re: Mora ka Absalome! Absalome, mora ka! mora ka!


Yaba Joabe o ya ho morena tlung, a re: Kajeno o hlabisitse difahleho tsa bahlanka ba hao bohle dihlong, athe ba pholositse ho phela ha hao kajeno, le ho phela ha bara ba hao, le ho phela ha baradi ba hao, le ho phela ha basadi ba hao, le ho phela ha direthe tsa hao.


Mordekai a ntoo kgutlela pela monyako wa morena, Hamane yena a phakisa a ikela ha hae, a le maswabing, a ikgurumeditse hlooho.


Meokgo ya ka ke sejo sa ka motshehare le bosiu, haesale ba ntse ba re ho nna: O kae na Modimo wa hao?


Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo, ke sa tla o roka; ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.


O fehelwe o ntse o kgutsitse; o se ke wa etsa bofifi ba bafu; o nne o rwale moqhaka, o rwale le dieta tsa hao maotong, o se ke wa kwahela ditedu tsa hao, mme o se ke wa ja bohobe ba bofifi.


Le tla dula, le rwetse meqhaka ya lona dihloohong, le rwetse dieta tsa lona maotong, le ke ke la lla, leha e le ho bokolla, le mpa le tla hopola makgopo a lona, le bobole maloka le banababo lona.


Maoto a hae a tla ema, ka tsatsi leo, hodima thaba ya Mehlwaare e pela Jerusalema ka nqa botjhabela; mme thaba ya Mehlwaare e tla petsoha, ho qala ka bohare ho isa nqa botjhabela le nqa bophirimela, ho be ho hlahe kgohlo e kgolohadi; karolo e nngwe ya thaba e tla suthela nqa leboya, e nngwe e suthele nqa borwa.


Ho lehlohonolo ba llang; hobane ba tla tshediswa.


Eitse ha a atametse Bethefage le Bethania, pela thaba e bitswang ya Mehlwaare, a roma barutuwa ba hae ba le babedi,


Ha a se a atametse motheo wa thaba ya Mehlwaare, bongata jwa barutuwa kaofela ba qala ho thaba, ba boka Modimo ka mantswe a maholo, ka baka la mehlolo yohle eo ba e boneng;


Ha a atametse Jerusalema, a bona motse, a o llela,


Jesu o ne a ruta tempeleng motshehare; bosiu o ne a etswa, a ya dula thabeng e bitswang ya Mehlwaare.


Yaba o a tloha, a ya thabeng ya Mehlwaare, ka temalo ya hae; mme barutuwa ba hae ba mo latela.


Yaba ba tloha thabeng eo, e bitswang ya Mehlwaare, bohaufi ba yona le Jerusalema bo le kale ka leeto la Sabatha, mme ba kgutlela Jerusalema.


Thabang le ba thabileng, mme le lle le ba llang.


Mme setho se seng ha se utlwa bohloko, ditho tsohle di utlwa bohloko le sona; leha setho se seng se tlotliswa, ditho tsohle di thaba le sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos