La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Hosea 10:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Efraime ke sethole se thapisitsweng, se ratang ho pola. Empa nna, ke tla bea joko hodima molala wa sona o motle. Ke tla bofa Efraime, Juda yena a leme, Jakobo a phophothe.

Ver Capítulo

BIBELE

Efraime ke kgongwana e thapisitsweng, ke kgongwana e ratang ho pola mabele; molaleng wa yona o motle ka bea joko, ka bofella Efraime mohomeng hore a leme, Jakobo yena a tle a phophothe makwete.

Ver Capítulo



Hosea 10:11
13 Referencias Cruzadas  

Molemi ya lemelang ho jala, na a ka nna a lema kamehla na? Na a ka nna a latsa le ho phophotha mobu na?


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ke bea joko ya tshepe molaleng wa ditjhaba tseo tsohle, di tle di sebeletse Nebukadnesare, morena wa Babilona, mme di tla nne di mo sebeletse; ke mo neile le diphoofolo tsa naha.


Egepeta ke sethole se setlesetle. Monwang o tswa nqa leboya, o a tla.


Le fele le thabe, le fele le nyakalle, lona basenyi ba lefa la ka; le tlole jwaloka sethole hara jwang bo botala; le lle jwaloka poho ya pere.


Ke ne ke ba hule ka kgwele tsa batho, ka kgwele tsa lerato, ke le jwaloka ya lokollang joko melaleng ya bona, ke ne ke ba atamele ka mosa ho ba fepa.


hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.


Yaba Jehova o re ho nna: O boele o ye, o rate mosadi ya ratwang ke molekane wa hae, leha a feba, jwalokaha Jehova a rata bana ba Iseraele, leha bona ba retelehela ho medimo esele, mme ba rata dinkgwa tsa morara.


Hobane Iseraele o a ikgantsha, o tshwana le sethole se sa thapeng. Jwale, Jehova o tla ba fudisa, ba be jwaloka konyana feelleng.


Se thabe, Iseraele, ka ho nyakalla, jwaloka ditjhaba tse ding, hobane o febile ka ho tlohela Modimo wa hao, mme o ratile moputso wa bofebe diotlong tsohle tsa koro.


Tsoha, o pole, moradi wa Sione, hobane lenaka la hao ke tla le fetola tshepe, ditlhako tsa hao e be koporo, o tle o thuhake di tjhaba tse ngata; ke tla kgethela Jehova leruo la tsona, monono wa tsona ke o kgethele Morena wa lefatshe lohle.


Hobane batho ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Jesu Kreste, ba mpa ba sebeletsa dimpa tsa bona feela, mme ba kgelosa dipelo tsa ba se nang molato ka dipolelo tse kgahlehang le ka tse tjhatjhehisang.


O se ke wa thiba molomo wa kgomo ha e pola.