Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 2:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 hobane mma bona ke mofebi, ya ba belehileng o entse tse dihlong; hobane o itse: Ke tla latela dinyatsi tsa ka, e leng tsona tse nneang bohobe ba ka le metsi a ka, le boya ba nku, le lene, le ole, le seno.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Mma bona a na a iketsa seotswa, a itlontlolla ha a ba emola, a re: ‘Ke tla ikela le medingwana ya ka, yona e mphang dijo, e mphe le metsi, e mphang boya, e mphe le motsitla, e mphang ole, e mphe le dino tsa ka.’

Ver Capítulo Copiar




Hosea 2:5
33 Referencias Cruzadas  

Na motse o tshepehileng o fetohile jwang seotswa? O ne o tletse toka, ho loka ho ne ho ahile ho wona, empa jwale o tletse babolai.


Ho thwe ke Jehova: Lengolo la mma lona la hlalo le kae leo ke mo kgutlisitseng ka lona? Kapa ke rekile ka lona ho mang wa bao ke namileng ho bona na? Bonang, ho rekilwe ka lona ka baka la dibe tsa lona, mma lona o hladilwe ka baka la ditlolo tsa lona.


Hobane wena Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao; palo ya dialetare tse dihlong, e leng dialetare tsa ho tjhesetsa Baale dibano, e lekana palo ya diterata tsa Jerusalema.


Ha o ka ipolella pelong ya hao, wa re: Na ntho tseo di hlile tsa ntlhahela keng? Ke ka baka la bokgopo ba hao bo boholo o honeletswang mose wa hao, mme direthe tsa hao di phumuhileng habohloko.


Hobane e se e le kgale o robile joko ya hao, o lokolotse ditlamo tsa hao, wa re: Ha ke sa tla sebeletsa. Ke moo o ineetseng bootswa marallaneng wohle a phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku.


Jerusalema, baka, esere moya wa ka wa o furalla, esere ka o fetola lesupi, naha e se nang batho.


Oho seotswa, mamela lentswe la Jehova ke hona.


Ke tla o neela bona matsohong; ba tla diha meaho ya hao e didikwadikwe, ba heletse dinqalo tse diphahameng tsa hao; ba tla o hlobodisa diaparo, ba nke mekgabo ya hao, ba o tlohele hona moo, o le feela, o hlobotse.


Mohla o tswalwang, ka tsatsi leo o hlahileng ka lona, mokgubu wa hao ha o a ka wa pongwa, ha o a ka wa hlatsuwa ka metsi ho o photla, ha o a ka wa fafatswa ka letswai, ha o a ka wa phuthelwa maseleng.


Mohla Jehova a qalang ho bua le Hosea, a re ho yena: Eya, o inkele mosadi wa mofebi le bana ba bofebe, hobane lefatshe le feba ka ho tlohela Jehova.


Le tseke le mma lona, le tseke le yena! Hobane yena hase mosadi wa ka, le nna ha ke monna wa hae; a tlose bootswa ba hae pela sefahleho sa hae, le bofebe ba hae matsweleng a hae,


Athe yena o ne a sa ka a lemoha hoba ke nna ya mo neileng koro le veine le ole, ya bileng a mo atisetsa silefera le kgauta tseo ba sebeletsang Baale ka tsona.


Yaba Jehova o re ho nna: O boele o ye, o rate mosadi ya ratwang ke molekane wa hae, leha a feba, jwalokaha Jehova a rata bana ba Iseraele, leha bona ba retelehela ho medimo esele, mme ba rata dinkgwa tsa morara.


O tla kgoptjwa motshehare, moporofeta a kgoptjwe le wena bosiu, mme ke tla fedisa mmao.


Hobane bona ba ya Assiria. Pitsi yona e itshalla e nnotshi; empa Efraime o ipatlela barati ka dineo.


Ke fumane Iseraele a le ho nna jwaloka ditholwana tsa morara tse fumanwang feelleng; ke tadimile bontata lona jwalokaha ho tadingwa dilopotsiya tsa feiye e qalang ho beha. Athe bona ba ile Baale-Peore, ba ikgethela tse dihlong, ba ba ba fetoha manyala jwaloka dinyatsi tsa bona.


Ka tsatsi leo, barwetsana ba batle le bahlankana ba tla tepella ke ho nyorwa;


Yaba marena a Bafilesta a phutheha ho hlabela Dagone, modimo wa bona, sehlabelo se seholo, le ho etsa mokete; ba re: Modimo wa rona o neetse Samsone, sera sa rona, matsohong a rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos