Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Le bana ba hae nke ke ka ba hauhela, hobane ke bana ba bofebe;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Bana ba hae nke ke ka ba hauhela, hoba ke bana ba tswetsweng, ba tswetsweng ka bootswa.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 2:4
17 Referencias Cruzadas  

Ebile Jorame o re: Bofang. Ba bofa koloi ya hae. Jorame morena wa Iseraele, le Akasia morena wa Juda, ba tloha, e mong le e mong koloing ya hae, ba ya kgahlanyetsa Jehu, ba mo fihlela tshimong ya Nabothe wa Jisreele.


Makala a teng ha a oma, a tla rojwa, basadi ba tla tla, ba a bese; hobane ke setjhaba se sa hlalefang; ka baka leo, ya se entseng a ke ke a se hauhela, ya se bopileng a ke ke a se rekolohela.


Ho thwe ke Jehova: Lengolo la mma lona la hlalo le kae leo ke mo kgutlisitseng ka lona? Kapa ke rekile ka lona ho mang wa bao ke namileng ho bona na? Bonang, ho rekilwe ka lona ka baka la dibe tsa lona, mma lona o hladilwe ka baka la ditlolo tsa lona.


Empa lona bana ba moloi, leloko la bofebe le la bootswa, tloong kwano!


ke thulanye e mong le wa habo, banna le bara hammoho, ho bolela Jehova. Nke ke ka ba le mohau, leha e le ho qenehela, leha e le ho hauhela hore ke se ba timetse.


Hobane ho itswe ke Jehova: O se ke wa kena ka tlung ya dillo, o se ke wa ya ho bona ho lla le bona, le ho ba utlwela bohloko, hobane ke tlositse kgotso ya ka ho setjhaba sena, ho bolela Jehova, le lereko le mehauhelo ya ka.


ke tla o lwantsha ka poulelo ya ka, hore ba tle ba o etsetse ka bohale; ba tla o kgaola nko le ditsebe, masala a hao a timetswe ke lerumo; ba tla nka bara le baradi ba hao, masala a hao a timetswe ke mollo.


Ha ho le jwalo, le nna ke tla etsa ka kgalefo; leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, mme ke tla hloka mohau. Ba tla howeletsa ditsebeng tsa ka ba tlerola, empa nke ke ka ba mamela.


Ha ho le jwalo, le nna leihlo la ka ha le ka ke la qenehela, mme ke tla hloka mohau. Ke beile metsamao ya bona dihloohong tsa bona.


Mohla Jehova a qalang ho bua le Hosea, a re ho yena: Eya, o inkele mosadi wa mofebi le bana ba bofebe, hobane lefatshe le feba ka ho tlohela Jehova.


Mosadi a boela a emola, a tswala ngwanana; Jehova a re ho Hosea: O mo ree lebitso la Lo-Ruhama (ya sa hauhelwang); hobane ha ke sa tla hauhela ntlo ya Iseraele ka ho e tshwarela.


Jehova, ba mo entse ka bolotsana, hobane ba tswetse bara ba bonyatsi; jwale, kgwedi e ntjha e tla ba ja hammoho le masimo a bona.


Yaba lengeloi la Jehova le ahlamisa molomo wa lona, la re: Jehova wa makgotla, o tla lesela ho le hokae ho hauhela Jerusalema le metse ya Juda eo o e halefetseng ka dilemo tsena tse mashome a supileng na?


Lona, le etsa mesebetsi ya ntata lona. Yaba ba re ho yena: Rona ha re a tswalwa bonyatsing; ntata rona o mong feela, ke Modimo.


Ka baka leo, o lemohe mohau wa Modimo le bothata jwa wona; bothata hodima ba weleng, le mohau hodima hao, ha o tiisetsa molemong oo wa wona; hobane ha o sa tiisetse teng, o tla rengwa le wena.


Ha ho le jwalo, o hauhela eo o ratang ho mo hauhela, mme o thatafatsa eo o ratang ho mo thatafatsa.


Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos