Yare ha Jorame a bona Jehu, a re ho yena: “Jehu, na o tla ka kgotso?” Eo a mo araba, a re: “Kgotso e ka ba teng jwang, ha ho rapela medimo ya bohata ha mmao, le ho loya ha hae, ho atile hakaale?”
Makala a motse oo ha a omme a ye a rojwe, basadi ba a rwalle, ba bese mollo ka wona. Tjhaba sena ke sa batho ba hlokang kutlwisiso, kahoo Mmopi wa sona a ke ke a se utlwela bohloko, Mmopi wa sona a ke ke be a se hauhela.
Morena o bua tjena: “Le kae lengolo leo ke hladileng mmao ka lona, leo ke neng ke mo leleke ka lona? Ke o rekisitse ho mang, ho lefa molato wa ka? Le ile la rekiswa ka baka la bokgopo ba lona, mma lona a lelekwa ka baka la ditshito tsa lona.
Ke tla ba thulanya ka dihlooho, esita le bo-ntata le bara ba bona,’ ho rialo Morena. ‘Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko, kapa lereko; ke tla ba timetsa!’ ”
Morena o bua tjena: “O se ke wa kena ka tlung e nang le bofifi, o se ke wa lla le ba ka ho yona kapa wa ba tshedisa, hobane ke amohile setjhaba sena kgotso ya ka le lerato la ka le kutlwelobohloko ya ka,” ho rialo Morena.
Ke tla o halefela haholo, mme le bona ba tla o halefela haholo. Ba tla o shoqola dinko le ditsebe, masalla a hao ba a bolaye ka sabole. Ba tla thopa bara le baradi ba hao, ba tjhese masalla a hao ka mollo.
Ka baka lena, ke tla ba halefela haholo. Nke ke ka ba ka ba hauhela, kapa hona ho ba utlwela bohloko. Leha ba ka howeletsa haholo ha ba ipiletsa ho nna, nke ke ka ba mamela.”
Ha Morena a qala ho bua le Hosea a na a re ho yena: “Tsamaya, o yo nyala, o nyale mosadi wa seotswa, o inkele le bana, bana ba bootswa ba hae, hobane lefatshe le furaletse Morena, la mo furalla ka ho hloka botshepehi.”
Gomere a boela a emola, mme a beleha ngwana wa ngwanana. Morena a re ho Hosea: “Yena o mo ree lebitso la Mohanuwa, hoba ke tla hana ho hauhela Baiseraele, le ho ba tshwarela nke ke ka ba tshwarela.
Lengeloi la Morena la bua, la re: “Oho, Morena wa mabotho, ebe Jerusalema le metse ya Juda, eo o e halefetseng ka dilemo tsee tse mashome a supileng, o tla e hauhela neng?”
Ha ho le jwalo, bona mosa le bohale ba Modimo. O halefetse ba weleng, empa o mosa ho wena, haeba o itshwareletse ka mosa oo; ho seng jwalo le wena o tla rengwa.