Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 4:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hobane Iseraele o a ikgantsha, o tshwana le sethole se sa thapeng. Jwale, Jehova o tla ba fudisa, ba be jwaloka konyana feelleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Baiseraele ba manganga sa kgomo ya sethole, na ebe Morena a ka ba alosa, a ba katla sa dikonyana phuleng?

Ver Capítulo Copiar




Hosea 4:16
19 Referencias Cruzadas  

ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.


a o phikolose, o phikolohe jwaloka pidikwane lebaleng la lefatshe le batsi, le ahlameng; o tla shwela teng, mme makoloi a kganya ya hao a tla fella teng, wena, dihlong tsa ntlo ya monga hao.


Mohlang oo, o tla nesetsa dijalo tseo le tla di lema masimong, bohobe ba hlaku tse medisitsweng ke mobu e tla ba bo nonneng, bo kgorisang; mehleng eo, mehlape ya lona e tla fula makgulong a ahlamileng.


Dikonyana di tla fula teng, jwaloka eka ke makgulong a tsona, masimo a tlohetsweng a barui a tla jewa ke baditjhaba.


Leha makgopo a rona a paka ho re qosa, oho Jehova, o ke o sebetse ka baka la lebitso la hao, hobane dikgeloho tsa rona di ngata; re o sitetswe.


Jehova a re ho nna: Iseraele mokwenehi yena o lokile ho fetisa Juda ya sa tshepehang.


Mehleng ya morena Josiase, Jehova a re ho nna: Na o bone seo Iseraele mokwenehi a se entseng? O ile le dithaba tsohle tse phahameng le katlasa difate tsohle tse mahlaku, a nna a feba teng.


Ha ke se ke hladile Iseraele mokwenehi ka baka la mekgwa yohle ya hae ya bofebe, ke mo neile le lengolo la hlalo, ka bona hobane Juda, ngwanabo ya sa tshepehang, ha a ka a tshaba, a mpa a ya, mme le yena a nna a feba.


Ke hlile ka utlwa Efraime ha a ikwahlaya, a re: O kile wa nkgalemela, mme ka kgalemelwa jwaloka pholwana e esong ho thapiswe; nkgutlisetse ha ka, ke tle ke kgutlele teng, hobane o Jehova, Modimo wa ka.


Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.


Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha ditsebe, ba nnile ba tsamaya mererong le bothateng ba dipelo tse mpe tsa bona, ba nnea seholoholo, e seng sefahleho.


Setjhaba sena sa Jerusalema se kwenehile keng ka kweneho e sa bakelweng? Ba itiisetsa manong keng? Ba hanelang ho sokoloha?


Efraime ke sethole se thapisitsweng, se ratang ho pola. Empa nna, ke tla bea joko hodima molala wa sona o motle. Ke tla bofa Efraime, Juda yena a leme, Jakobo a phophothe.


Lerumo le tla senya metseng ya hae, le fedise mekwallo ya hae, le ba qete ka baka la merero ya bona.


Setjhaba sa ka se tiiseditse ho nkwenehela; leha ba biletswa hodimo, ha ho le a mong ya emisetsang pelo ya hae teng.


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.


Empa ba hanne ho mamela, ba satalatsa mahetla a bona; ba etsa ditsebe tsa bona boima, hore ba se ke ba mamela;


Ke swabile ha ke beile Saule morena; hobane o mphuraletse, mme ha a phetha mantswe a ka. Moo Samuele a hlomoha, a howeletsa ho Jehova bosiu bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos