Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 11:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke ne ke ba hule ka kgwele tsa batho, ka kgwele tsa lerato, ke le jwaloka ya lokollang joko melaleng ya bona, ke ne ke ba atamele ka mosa ho ba fepa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ke ne ke ba hula ka kgwele tsa mohau, ke ba hula ka mehala ya lerato; ka tlosa joko molaleng wa bona, ka inamela fatshe, ka ba fepa.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 11:4
14 Referencias Cruzadas  

ke tla ba ntatae, yena e be mora ka. Ha a ka kgeloha, ke tla mo shapa ka thupa ya batho le ka phafa ya bana ba batho;


Yare ha ba kopa, a romela dikwekwe, a ba kgorisa ka bohobe ba lehodimo.


Moshe a re: Taba e laetsweng ke Jehova ke ena: A ho bolokwe homere e tletseng manna, e bolokelwe ditloholo tsa lona, di tle di bone bohobe boo ke le fepileng ka bona lefeelleng, mohla ke le ntshang lefatsheng la Egepeta.


O nkgule, mme re tla phalla kamora hao. Morena o ntlisitse dikamoreng tsa hae. Re tla thaba, re nyakallele wena, re rorise lerato la hao le fetisang veine. Ba o rata ka lerato la nnete.


Ditsietsing tsohle tsa bona a ba tsietsing le bona, lengeloi la sefahleho sa hae la ba pholosa; o ba lopolotse ka lerato le ka mohau wa hae, a ba tiisa, a ba jara mehleng yohle ya boholoholo.


Athe yena o ne a sa ka a lemoha hoba ke nna ya mo neileng koro le veine le ole, ya bileng a mo atisetsa silefera le kgauta tseo ba sebeletsang Baale ka tsona.


Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, le tle le se ke la hlola le eba bahlanka ba bona; ke robile joko e neng e le imela, mme ke le tsamaisitse ka hlooho tse leletseng.


Mme nna, etlare hobane ke nyollwe lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna.


Hobane lerato la Kreste le re tlamile; re tswe re dumetse hoba, e mong ha a shwetse bohle, bohle le bona ba shwele;


Jehova o mo tsamaisitse e le yena a nnotshi; mme ho ne ho se modimo osele le yena.


o mo fepile ka sereledi sa dikgomo, le ka lebese la dinku, le ka mafura a dikonyana, le ka dipheleu tse tswaletsweng Bashane; ka diphooko, le ka lefi la koro ya sebelebele e nonneng; mme o nwele veine ya sebele, metsi a mafubedu a morara.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos