Hosea 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Se thabe, Iseraele, ka ho nyakalla, jwaloka ditjhaba tse ding, hobane o febile ka ho tlohela Modimo wa hao, mme o ratile moputso wa bofebe diotlong tsohle tsa koro. Ver CapítuloBIBELE1 Se ke wa nyakalla, wena Iseraele! Se ke wa thaba jwaloka ditjhaba tse ding! O entse bootswa ka ho furalla Modimo wa hao, o hloma eka moputso wa bootswa ba hao ke mabele a polwang, a polwang seotlong ka seng. Ver Capítulo |
Empa re tla nne re etse taba tsohle tse tswileng melomong ya rona, re tjhesetse mofumahadi wa lehodimo dibano le ho mo tshollela dino, jwalokaha re ne re ntse re etsa, rona le bontata rona, le marena a rona, le baholo ba rona, metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ha re ne re ntse re kgora bohobe, ho ntse ho iketlilwe, re sa bone tsietsi.
Ke tla fetola mekete ya lona bofifi, le dipina tsohle tsa lona tsa monyaka ke di fetole tsa mahlomola; ke tla tentsha matheka wohle masela a mahwashe, dihlooho tsohle ke di etse mafatla, dillo tseo ke di etse tse tshwanang le dillo tse etsetswang mora a innotshi, qetello ya tsona e be jwaloka letsatsi le babang.