Hosea 9:1 - BIBELE1 Se ke wa nyakalla, wena Iseraele! Se ke wa thaba jwaloka ditjhaba tse ding! O entse bootswa ka ho furalla Modimo wa hao, o hloma eka moputso wa bootswa ba hao ke mabele a polwang, a polwang seotlong ka seng. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Se thabe, Iseraele, ka ho nyakalla, jwaloka ditjhaba tse ding, hobane o febile ka ho tlohela Modimo wa hao, mme o ratile moputso wa bofebe diotlong tsohle tsa koro. Ver Capítulo |
Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.
Mekete ya lona e kgethehileng ke tla e fetola, ke e fetole, ke e etse ya bofifi, le dipina tsa lona tsohle e be kodi-ya-malla. Bohle ke tla ba apesa, ke ba apese tse mahwashe, ke ba kute, ke ba beole lekorana. Nako eo e tla ka ya ho lla, ho llela mora ya inotshi, qetello ya yona e ke tsatsi la mahlomola.