Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Hosea 10:11 - BIBELE

11 Efraime ke kgongwana e thapisitsweng, ke kgongwana e ratang ho pola mabele; molaleng wa yona o motle ka bea joko, ka bofella Efraime mohomeng hore a leme, Jakobo yena a tle a phophothe makwete.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Efraime ke sethole se thapisitsweng, se ratang ho pola. Empa nna, ke tla bea joko hodima molala wa sona o motle. Ke tla bofa Efraime, Juda yena a leme, Jakobo a phophothe.

Ver Capítulo Copiar




Hosea 10:11
13 Referencias Cruzadas  

Na ya lemelang ho jala a ka lema motjha-o-tjhele? A dulela ho lema le ho phophotha makwete?


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke beile joko ya tshepe hodima melala ya ditjhaba tsena tsohle, hore di tle di sebeletse Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. Di tla mo sebeletsa, mme ke bile ke mo neile le diphoofolo tsa naha.’ ”


“Egepeta e ka sethole se setlesetle, empa seboba se tswang leboya se tla e lomaka.


“Lona ba lobetseng lefa la ka, le hoja le thabile, le nyakaletse, le ralotsa sa sethojana se qeta ho pola mabele, le tsetsela jwaloka poho tsa dipere,


Ke ne ke ba hula ka kgwele tsa mohau, ke ba hula ka mehala ya lerato; ka tlosa joko molaleng wa bona, ka inamela fatshe, ka ba fepa.


Mma bona a na a iketsa seotswa, a itlontlolla ha a ba emola, a re: ‘Ke tla ikela le medingwana ya ka, yona e mphang dijo, e mphe le metsi, e mphang boya, e mphe le motsitla, e mphang ole, e mphe le dino tsa ka.’


Morena a re ho nna: “Eya, o boelane le mosadi wa hao, le hoja a se a ratana le monna e mong, e se e le sefebe. O mo rate jwalokaha Morena a rata bana ba Iseraele, le hoja ba sebeletsa medimo esele, mme ba e nyehella ka diphaphatha tsa mangangajane a morara.”


Baiseraele ba manganga sa kgomo ya sethole, na ebe Morena a ka ba alosa, a ba katla sa dikonyana phuleng?


Se ke wa nyakalla, wena Iseraele! Se ke wa thaba jwaloka ditjhaba tse ding! O entse bootswa ka ho furalla Modimo wa hao, o hloma eka moputso wa bootswa ba hao ke mabele a polwang, a polwang seotlong ka seng.


“Wena Moradi wa Sione, tsoha, o pole! Ke tla o kgwesa manaka a tshepe, ke o rwese tlhako tsa lethose, o tlo robokele tjhaba tse ngata.” O tla nyehella Morena ka kgapo ya hao, o mo nyehelle ka leruo la tsona, o nyehelle Morena wa lefatshe lohle.


hobane ba jwalo ha ba sebeletse Morena wa rona Kreste, empa ba sebeletsa dimpa tsa bona. Ka dipuo tse monate, tse qekang, ba thetsa dipelo tsa ba se nang bobe.


“E polang o se ke wa e tlama molomo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos