La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Genese 7:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka tsatsi leo, mehlodi ya bodiba bo boholo ya phunyeha, mme dithoba tsa lehodimo tsa thiboloha.

Ver Capítulo

BIBELE

Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la leshome le metso e supileng, ka lona letsatsi leo mehlodi yohle ya bodiba bo boholo ya phunyeha, le maru a tsholella metsi lefatsheng.

Ver Capítulo



Genese 7:11
27 Referencias Cruzadas  

Modimo wa etsa sebaka, mme wa arohanya metsi a katlase ho sebaka le metsi a ka hodimo le sebaka. Mme ha eba jwalo.


Bona, nna ke ya tlisa morwallo wa metsi lefatsheng, ho fedisa nama yohle e nang le phefumoloho ya ho phela tlasa lehodimo, mme hohle ho lefatsheng ho tla shwa.


Nowe e ne e le motho ya dilemo tse makgolo a tsheletseng, ha morwallo wa metsi o eba teng lefatsheng.


Ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, lefatshe la be le omile.


Mehlodi ya bodiba le dithoba tsa lehodimo tsa thijwa, mme pula ya lehodimo ya seswa.


Tona eo e ne e fetotse monna wa Modimo, ya re: Le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo na e ne e ka etsahala na? Elisha a re: Bona, o tla bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


Bona, o thibela metsi, a pshe; o boele o a tlohele, mme lefatshe le senyehe.


O tjheba sekoti hole le moo batho ba ahileng teng; teng o lebetswe ke batho bohle, o lepella a fanyehilwe ka marapo hole le batho, a ntse a akgelwa mane le mane.


Na o finyeletse mehloding ya lewatle? Na o ile wa fihla bofellong ba sekoti sa bodiba na?


Ke mang ya fihletseng palo ya maru ka bohlale ba hae, mme ke mang ya ka tshelang makuka a mahodimo,


O bokella metsi a lewatle hammoho, a ka qubu; o boloka bodiba dipolokelong tsa hae.


Wa tsaradisa mehlodi le melatswana, wa pshesa dinoka tse sa psheng le mehla.


Ka ho tseba ha hae metsi a tebileng a biloha, mme maru a rothisa phoka.


Ya balehelang tshoho, o wela lemeneng; ya tlang ho inyolla lemeneng, o itshwasa lerabeng, hobane dithoba tsa mahodimo di a buleha, mme metheo ya lefatshe e a reketla.


Lefatshe le a thuhakanngwa, lefatshe le kunngwa dikoto, lefatshe le sisinyeha hohle.


Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.


Ha a phahamisa lentswe, modumo wa metsi o ye o be teng mahodimong; o nyolosa mehodi dipheletsong tsa lefatshe; ka lehadima o nesa pula, o ntsha moya matlotlong a hae.


Hobane Morena Jehova o re: Mohla ke o etsang lesupi le tshwanang le metse e se nang ba ahileng ho yona, mohla ke o nyollelang bodiba, mme metsi a maholo a o aparela,


Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo di tle di be teng tlung ya ka; le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!


Hobane jwaloka mehleng e bileng teng pele ho morwallo wa metsi, ha batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Nowe a keneng arekeng ka lona;


Hobane mohla ba tla re: Ho kgotso, ho iketlilwe! ke moo tshenyeho e tla ba wela hodimo ka sehloho, jwaloka pelehi ha e hlahela moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


le hoba lefatshe la mehleng eo le timeditswe ka wona, ha le kwahetswe ke metsi.