Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 24:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ya balehelang tshoho, o wela lemeneng; ya tlang ho inyolla lemeneng, o itshwasa lerabeng, hobane dithoba tsa mahodimo di a buleha, mme metheo ya lefatshe e a reketla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ya balehang mokgosi o bakwang ke tshabo, yena o tla wela kahara mohohlo; ya ngwangwarelang hore a tswe ka mohohlong, raba le tjhehilweng yena le tla mo tshwasa. Pula ya ditlwebelele e tla tsholoha e etswa hodimo, metheo ya lefatshe le yona e tla reketla.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 24:18
26 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o nesetsa Sodoma le Gomora sebabole le mollo o tswang ho Jehova mahodimong.


Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka tsatsi leo, mehlodi ya bodiba bo boholo ya phunyeha, mme dithoba tsa lehodimo tsa thiboloha.


Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


Leha a ka balehela sebetsa sa tshepe, seqha sa koporo se tla mo hlaba.


Mangope a lewatle a hlaha, metheo ya lefatshe ya hloboleha ka kgalemelo ya hao, Jehova, ka pudulo ya moya o tswang dinkong tsa hao.


Yaba lefatshe le a reketla, la thothomela, metheo ya dithaba ya keqa, ya sisinyeha, hobane a ne a halefile.


Ha nyoloha mosi dinkong tsa hae, le mollo o timeletsang molomong wa hae; a phutsa mashala a hlenneng.


Hobane motho ha a tsebe nako ya hae, jwalokaha a se tsejwe le ke dihlapi tse tshwaswang ke letlowa le di bolayang, le ke dinonyana tse pitlwang difing; bana ba batho ba ye ba tshwaswe jwaloka tsona nakong ya tlokotsi, ha e ba wela ka sehloho.


Ke moo ke tla thetherehisa mahodimo, lefatshe le suthe tulong tsa lona ka baka la kgalefo ya Jehova wa makgotla, ka letsatsi la bohale ba hae bo tukang.


batho ba tla balehela mafarung a mafika le mesimeng ya lefatshe, ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.


a tle a tshabele dikoting tsa mafika le mafarung a mafika ho sutha pela botshabeho ba Jehova le pela kganya ya boholo ba hae, mohla a emang ho thothometsa lefatshe.


Leha ho le jwalo, ke setjhaba se hapetsweng, se senyeditsweng, ba tlamilwe ka ditshepe mahaheng, ba hlahletswe diteronkong; ba neetswe ho hlakolwa dintho, mme ha ho mmoloki; ba hapilwe, mme ha ho motho ya reng: Busetsa!


E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.


Mokgosi wa ntwa o o lebeletse, moahi wa Moabe, le mokoti le leraba, ho bolela Jehova.


Ya balehelang mokgosi o tla wela mokoting; ya nyolohang mokoting o tla tshwaswa lerabeng; hobane ke se ke ya tlisa hodima hae, hodima Moabe, selemo sa kotlo ya bona, ho bolela Jehova.


Re hlahetswe ke thothomelo le ke lemena hammoho le tshenyo le timelo.


Lerumo le a le tshaba, empa ke tla le tlisetsa lerumo: ho rialo Morena Jehova.


Ke tla ala letlowa la ka hodima hae, a tshwaswe sefing sa ka, ke tle ke mo ise Babilona, naheng ya Bakalde; empa a ke ke a e bona, mme o tla shwela hona teng.


Ke tla ba tonela mahlo; ba tla tswa mollong o mong, mme o mong mollo o tla ba fedisa, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova, ha ba mpona ke ba tonetse mahlo.


Ho madimabe lona le hlolohetsweng tsatsi la Morena! Letsatsi la Morena le le lakaletsang? E tla ba lefifi, e seng lesedi.


Ho tla ba jwaloka motho ha a balehela tau, mme a kgahlana le bere, kapa a kena tlung, a bea letsoho la hae leboteng ho ikokotlela, mme noha e mo loma.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos