Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 6:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Bona, nna ke ya tlisa morwallo wa metsi lefatsheng, ho fedisa nama yohle e nang le phefumoloho ya ho phela tlasa lehodimo, mme hohle ho lefatsheng ho tla shwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 “Ke tla tlisa morallo wa metsi ho kwahela lefatshe, ho timetsa tsohle tse phelang, tse tlasa lehodimo. Tsohle tse lefatsheng di tla timela.

Ver Capítulo Copiar




Genese 6:17
33 Referencias Cruzadas  

Jehova Modimo a bopa motho ka lerole la lefatshe, mme a budulela dinkong tsa hae phefumoloho ya ho phela, mme motho ya eba moya o phelang.


Yaba Modimo o re ho Nowe: Bofelo ba nama yohle bo fihlile pela ka, hobane lefatshe le tletse ho bolayana ha bona, mme jwale ke tla ba timeletsa le lefatshe.


O siye lesoba arekeng, le be bolelele ba setswe se le seng ho tloha hodimo, o etse le monyako lehlakoreng la areka, o be o e etse dikarolo tse hlwellaneng, e katlase, le e kahare, le e kahodimo.


Jehova a re: Ke tla timetsa lefatsheng batho bao ke ba bopileng, ho qala ka batho ho isa ho makgomo le ho dihahabi le ho tse rurang hodimo, hobane ke belaela ka hoba ke di entse.


Pedi ka pedi tsa nama yohle e nang le phefumoloho ya ho phela, tsa tla ho Nowe arekeng.


Morwallo wa tlala lefatsheng ditshiu tse mashome a mane; metsi a kokomoha, a phahamisa areka, mme ya emisetswa hodima lefatshe.


Hobane matsatsi a sa tla supa, ke ntoo nesa pula hodima lefatshe ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa lefatsheng tsohle tse leng teng, tseo ke di entseng.


Bonang, nna ke tiisa selekane sa ka le lona, le ditloholo tsa lona tse le hlahlamang,


Athe ba tlositswe ho eso ho be nako, boahello ba bona ba nkilwe ke morwallo;


Lehwatata le behang a le fetola mobu wa letswai, ka baka la bolotsana ba baahi ba lona.


A le teroneng ya hae, Jehova e ne e se e le morena mohla morwallo; teroneng ya hae o busa ka ho sa yeng kae.


Haele nna, bona, ke tla thatafatsa pelo tsa Baegepeta, ba tle ba le sale morao, mme ke tla tlotleha ka Faro le ka sera sa hae kaofela, ka makoloi a hae, le ka bapalami ba hae.


Ke nna, ke nna ke le tshedisang! Na ke kang ha o ka tshaba motho ya shwang, le ngwana motho ya omellang jwaloka jwang?


Taba eo e dutse ho nna e tshwana le ya metsi mohla Nowe, kamoo ke neng ke hlapantse kateng, hore metsi a Nowe a ke ke a boela a kwahela lefatshe; ke bile ke hlapanya hore ha ke sa tla hlola ke o halefela, leha e le ho o kgalemela.


Hobane Morena Jehova o re: E se e le nna enwa; ke tlile ho batla dinku tsa ka, mme ke tla di hlahlobisisa.


Ha ho le jwalo, Morena Jehova o re ho tsona: Bonang, ke nna enwa. Ke tla etsa kahlolo mahareng a nku e nonneng le nku e otileng.


ka baka leo, Jehova o re: Bona, le nna ke se ke ya tla ho o lwantsha, ke hlahise dikahlolo tsa ka ha hao pontsheng ya ditjhaba.


o re: Thaba tsa Iseraele, mamelang lentswe la Morena Jehova! Morena Jehova o re ho dithaba le ho maralla, ho dikgohlo le ho dikgutlo: Ke nna enwa, ke le tlisetsa lerumo, mme ke tla timetsa nqalo tsa lona tse diphahameng.


Hobane ke jwaloka tau ho Efraime, le jwaloka tawana ho ntlo ya Juda. Nna, nna ka sebele, ke a harola, ke ntoo ikela, ke nkile seo ke se hapileng, mme ha ho ya ka nkamohang sona!


le nna ke tla le setakela ka kgalefo, mme le nna ke tla eketsa kotlo ya dibe tsa lona hasupa.


O haha matlo a hae a phahameng lehodimong; o bea lehodimo ho ba marulelo a hae hodima lefatshe; o bitsa metsi a lewatle, a a tshollele hodima lefatshe: lebitso la hae ke Jehova.


ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla morwallo, mme ba nkwa bohle ke wona: ho tla ba jwalo le ho tleng ha Mora motho.


Ho ne ho jewa, ho nowa, ho nyalwa, ho nyadiswa, ho fihlela letsatsi leo Nowe a ileng a kena arekeng ka lona, morwallo wa metsi wa ba wa fihla, wa ba timetsa kaofela.


hore jwalokaha sebe se busitse ka lefu, mohau le wona o buse jwaloka ho loka ho isang bophelong bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Hobane moputso wa sebe ke lefu; empa neo ya mohau ya Modimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena wa rona.


Tadimang jwale hobane ke nna, e, ke nna feela, mme ha ho modimo o mong, haese nna; ke a bolaya, mme ke a phedisa; ke etsa leqeba, mme ke a le fodisa; ha ho motho ya ka o namolelang letsohong la ka.


Ka tumelo, Nowe, eitse hobane a tsebiswe ke Modimo tse esong ho bonahale, o kile a tshaba Modimo, mme a haha areka ho pholosa ba ntlo ya hae, mme ka tumelo eo o tswile lefatshe, le hona a etswa mojalefa wa ho loka ho leng ka tumelo.


e neng e ikgantshitse kgale, ha Modimo o ne o sa mameletse ka sebete, e leng mehleng ya Nowe, ha ho ne ho hahuwa areka, eo batho ba seng bakae, e leng ba robileng meno e le mmedi, ba pholositsweng ka yona metsing.


mme ha o sa ka wa hauhela lefatshe la kgale, wa mpa wa boloka Nowe, mmoledi wa ho loka, e le yena wa boroba meno e le mmedi, mohla o tlisang morwallo hodima lefatshe la banyefodi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos