Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 7:11 - BIBELE

11 Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la leshome le metso e supileng, ka lona letsatsi leo mehlodi yohle ya bodiba bo boholo ya phunyeha, le maru a tsholella metsi lefatsheng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka tsatsi leo, mehlodi ya bodiba bo boholo ya phunyeha, mme dithoba tsa lehodimo tsa thiboloha.

Ver Capítulo Copiar




Genese 7:11
27 Referencias Cruzadas  

Modimo a etsa loapi ho arohanya metsi a kahodimo ho lona le metsi a katlase ho lona. Ha fela ha eba jwalo.


“Ke tla tlisa morallo wa metsi ho kwahela lefatshe, ho timetsa tsohle tse phelang, tse tlasa lehodimo. Tsohle tse lefatsheng di tla timela.


Nowe o ne a ena le dilemo tse makgolo a tsheletseng ha morallo wa metsi o eba teng lefatsheng.


Ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, lefatshe le ne le se le omme ngo!


Mehlodi ya bodiba bo boholo, le maru a kgaotsa ho tsholla metsi, pula e tswang lehodimong ya emisa.


Empa lehosana leo le ne le ile la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!” Elisha o ne a ile a re ho lona: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa wena dijo tseo o ke ke wa di ja!”


Jwale lehosana leo kgosi e neng e itshetlehile ka lona la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!” Elisha a re: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa dijo tseo wena o ke ke wa di ja!”


Ha a thibela pula, metsi a pshela ruri, ha a nesa ya ditlwebelele, fatshe lohle le a senyeha.


O tjheka tjhafo hole le leaho la batho, bakeng tseo leoto le eso hate ho tsona; a leketle marapong a le hole le batho, a tsokotsehe, a ye kwana le kwana.


“Na mehloding ya lewatle o kila fihla? Kapa kgotjheletsane tsa madiba wa di tsamaya?


Mohlalefi ke ofe ya tsebang ho bala maru, ya ka thulamisang merifi, merifi ya lehodimo,


Morena a bokella metsi a lewatle jwalokaha eka o a tshetse lekukeng, a boloka madiba madumeleng a hae.


Ke wena ya ileng a bulela didiba, wa bulela le dinokana, wa pshesa dinoka tse phallang kamehla.


ka tsebo ya hae a arohanya madiba, maru a latsa phoka, a e latsa hodima lefatshe.


Ya balehang mokgosi o bakwang ke tshabo, yena o tla wela kahara mohohlo; ya ngwangwarelang hore a tswe ka mohohlong, raba le tjhehilweng yena le tla mo tshwasa. Pula ya ditlwebelele e tla tsholoha e etswa hodimo, metheo ya lefatshe le yona e tla reketla.


Fatshe lohle le tla ripitlwa, le ripitlwe, fatshe lohle le tla phatloha, le phatlohe, fatshe le tla sisinngwa madulong a lona, le sisinngwe.


Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola!


Ha a thwathwaretsa metsi a lehodimo a a qhwebeshana, o nyolla mohodi pheletsong tsa lefatshe. ha pula e ena o tsekemisa lehadima, a bulele meya moo a ntsa e kwaletse teng.


Morena Modimo o bua tjena: “Etlare ha ke o etsa nanaola jwaloka motse o hlokang baahi, ke o tebisa lewatleng, metsi a o kwahela,


Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.


Mehleng eo, e bileng pele ho morallo wa metsi, batho ba ne ba eja, ba enwa, ba nyala, ba nyadisa, ho fihlela letsatsing leo Nowe a neng a kene arekeng ka lona.


Mohla batho ba reng: “Ke kgotso, ha ho kotsi,” ke mohla timelo e tla ba tsometsa jwalokaha bohloko ba pelehi bo tsometsa moimana, mme ba ke ke ba phonyoha.


Ke ka metsi ana lefatshe la mehleng eo le ileng la kwahelwa, mme la timela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos