Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 7:12 - BIBELE

12 Ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, lefatshe la nelwa ke pula ya ditlwebelele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Pula ya na lefatsheng ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane.

Ver Capítulo Copiar




Genese 7:12
10 Referencias Cruzadas  

Morallo wa nna wa tswela pele lefatsheng ka matsatsi a mashome a mane. Ha metsi a ntse a eketseha a phaphamatsa areka, ya phahamela lefatshe.


Kamora matsatsi a supileng, ho tloha jwale, ke tla nesetsa lefatshe pula ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, mme ke tla fedisa tsohle tse phelang lefatsheng, tseo ke di entseng.”


Mehlodi ya bodiba bo boholo, le maru a kgaotsa ho tsholla metsi, pula e tswang lehodimong ya emisa.


Yaba o a tsoha, o a ja, o a nwa. Dijo tseo tsa mo matlafatsa, mme a tsamaya matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ba a ya fihla Horebe, thabeng ya Modimo.


Yaba Moshe o kena kahara leru, o nyolohela thabeng. Moshe a qeta matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a ntse a le thabeng.


A itima dijo ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a nto lapa.


“Ka dula thabeng ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, jwaloka lekgetlo la pele, mme le ka yona nako eo Morena a mmamela, a se ke a rata ho le timetsa.


“Yaba ke itihela fatshe, kapele ho Morena. Ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, jwaloka kgetlo la pele, ha ke a ka ka ja, leha e le ho nwa metsi, ka baka la sebe seo le se entseng ka ho etsa bobe mahlong a Morena, mme la mo halefisa.


ha ke ne ke nyolohetse thabeng ho amohela matlapa, e leng matlapa a selekane seo Morena a se entseng le lona, mme ka dula thabeng ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, ke sa je, ke sa nwe metsi.


Ke ka metsi ana lefatshe la mehleng eo le ileng la kwahelwa, mme la timela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos