Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 7:13 - BIBELE

13 Ka lona letsatsi leo Nowe le bara ba hae, Sema le Kama le Jafeta, le mosadi wa Nowe, le dingwetsi tse tharo tsa Nowe, ba kena ka arekeng,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ka lona tsatsi leo, Nowe a kena ka arekeng, a na le Sema, le Kama, le Jafeta, bara ba Nowe, le mosadi wa Nowe, le basadi ba bararo ba bara ba hae,

Ver Capítulo Copiar




Genese 7:13
16 Referencias Cruzadas  

Sema, ntata bana bohle ba Ebere, moholwane wa Jafeta, le yena a tswallwa bana.


Bana ke bara ba Kama: Kushe, le Miseraime, le Pute, le Kanana.


Nowe o ne a ena le dilemo tse makgolo a mahlano ha a tswala Sema, le Kama, le Jafeta.


A tswala bara ba bararo: Sema, le Kama, le Jafeta.


Empa wena ke tla etsa selekane le wena. O tla kena ka arekeng, wena le bara ba hao, le mosadi wa hao, le dingwetsi tsa hao.


Morena a re ho Nowe: “Wena, le ba ntlo ya hao, kena ka arekeng, hobane ke bone hore molokong ona ke wena feela ya lokileng mahlong a ka.


mmoho le mefuta yohle ya diphoofolo, le mefuta yohle ya dihahabi, le mefuta yohle ya dinonyana.


Ka kgwedi ya bobedi, ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e supileng, lefatshe le ne le se le omme ngo!


Ka tumelo eitse hoba Modimo a mo tsebise tse esong ho bonwe, Nowe a ba hlokolosi, mme a haha areka, hore a tle a pholoswe le ba lelapa la hae. Ka ho dumela ha hae o ile a ahlola lefatshe, a ba a ja lefa la ho loka ho fumanwang ka tumelo.


Ke meya e neng e sa ka ya mamela Modimo, ha yena a ne a e mameletse halelele mehleng eo Nowe a neng a haha areka ka yona. Ka areka, ba seng bakae feela, e leng ba robedi, ba ile ba pholoswa metsing.


Hape Modimo ha a a ka a qenehela lefatshe la kgale, empa o ile a tlisa morallo wa metsi lefatsheng la ba kgopo; a mpa a pholosa Nowe, ya neng a phatlalatsa tsa ho loka, le ba bang ba supileng.


Ha bo-ntata bona, kapa dikgaitsedi tsa bona, ba ka tla ho le tsekisa, re tla re ho hona: ‘Ba tshwareleng, hobane e mong le e mong wa bona o ikgapetse mosadi jwalokaha banna ba ye ba etse ntweng. Haeba le ne le ba neile baradi ba lona, le ka be le le molato.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos