Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Modimo wa etsa sebaka, mme wa arohanya metsi a katlase ho sebaka le metsi a ka hodimo le sebaka. Mme ha eba jwalo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Modimo a etsa loapi ho arohanya metsi a kahodimo ho lona le metsi a katlase ho lona. Ha fela ha eba jwalo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 1:7
15 Referencias Cruzadas  

Modimo wa re: Lefatshe le hlahise jwang, le dimela tse behang peo, le difate tse behang ditholwana ka mefuta ya tsona, tse nang le peo ya tsona lefatsheng. Mme ha eba jwalo.


mme e be wona masedi sebakeng sa mahodimo ho bonesa lefatshe. Mme ha eba jwalo.


Jwale Modimo wa re: Lefatshe ha le hlahise dibopuwa tse phelang ka mefuta ya tsona, dikgomo, le dihahabi, le diphoofolo tsa lefatshe ka mefuta ya tsona. Mme ha eba jwalo.


Modimo wa bitsa sebaka mahodimo. Mme ha eba mantsiboya, ha eba hosasa: e bile letsatsi la bobedi.


Jwale Modimo wa re: Metsi a katlase ho mahodimo a bokellwe hammoho sebakeng se le seng, mme ho hlahe moo ho omileng. Mme ha eba jwalo.


O thibela metsi marung a wona, mme maru ha a phatlohe ka boima ba wona.


O kollisa didiba dikgutlong; metsi a tsona a iphallela pakeng tsa dithaba;


Ya entseng mahodimo ka kelello: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Mo roriseng, lona mahodimo a mahodimo, le lona, metsi a hodimo ho mahodimo!


Mahodimo a bolela kganya ya modimo, mme sebaka sa lehodimo se bonahatsa mosebetsi wa diatla tsa wona.


Letsatsi le ho pakela letsatsi le leng, bosiu bo ho tsebisa bosiu bo bong.


Ereha maru a tletse pula, a ye a e tshollele lefatsheng; leha sefate se wela nqa borwa, kapa nqa leboya moo se welang teng, ke hona moo se dulang teng.


Batho bao ba tsota haholo, ba re: Enwa ke ya jwang, ha a utluwa le ke meya le lewatle?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos