Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ha a phahamisa lentswe, modumo wa metsi o ye o be teng mahodimong; o nyolosa mehodi dipheletsong tsa lefatshe; ka lehadima o nesa pula, o ntsha moya matlotlong a hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Ha a thwathwaretsa metsi a lehodimo a a qhwebeshana, o nyolla mohodi pheletsong tsa lefatshe. ha pula e ena o tsekemisa lehadima, a bulele meya moo a ntsa e kwaletse teng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:16
24 Referencias Cruzadas  

Yaba Modimo o hopola Nowe, le diphofolo tsohle, le makgomo kaofela a ho yena arekeng; mme Modimo o a fokisa moya lefatsheng, mme metsi a kgwehla.


e ka thupa e otlang lefatshe ha le ena le molato, mohlomong o a tsamaise ho hlohonolofatsa ka wona.


Na o finyeletse tlung ya polokelo ya lehlwa? Na o bone ntlo ya polokelo ya sefako,


A o na le letsoho le kang la Modimo? Lentswe la hao na le ka duma jwaloka la wona na?


eitse ha o kgalemela, a baleha; ha a utlwa lentswe la diaduma tsa hao, a phakisa a itshuthisa;


Ke yena ya tsosang maru dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang dipula ka diaduma, ya ntshang meya dipolokelong tsa hae;


O romela lentswe la hae, a di qhibidihise; o fokisa moya wa hae, metsi a phorosetse.


Jehova a duma lehodimong, Mookamedi ya phahameng a utlwahatsa lentswe la hae, e le difako le mashala a hlenneng.


Ditjhaba di mohorohoro, mebuso e a sisinyeha. Modimo o utlwahatsa lentswe la wona, lefatshe le a qhibiliha.


Binelang ya haolang ka sebaka sa mahodimo a kamehla. Utlwang! o utlwahatsa lentswe la wona, lentswe le tlerolang.


Wa fokisa moya wa botjhabela sebakeng, ka matla a wona wa tlisa moya wa borwa,


Yaba Moshe o emisetsa lere la hae hodima naha ya Egepeta, mme Jehova a fokisa moya wa botjhabela lefatsheng ka tsatsi leo lohle le ka bosiu boo bohle; ha bo esa, moya wa botjhabela wa fihlisa tsie.


Jehova a fokisa moya o matla haholo wa bophirimela, mme wa fefola tsie, wa e lahlela Lewatleng le Lefubedu, mme ha ho a ka ha sala tsie leha e le nngwe naheng yohle ya Egepeta.


Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme Jehova a suthisa lewatle ka moya o matla wa botjhabela o fokang ka bosiu bohle, lewatle a le fetola mobu o omileng, mme metsi a phatloha.


Modumo wa dipheo tsa dikerubime wa utlwahala le lebaleng le kantle, o ka lentswe la Modimo o matla wohle, ha o bua.


Ha ke re, ho nna le jwaloka bana ba Kushe, lona bara ba Iseraele? ho bolela Jehova. Na ha ke a ka ka ntsha Iseraele lefatsheng la Egepeta, jwalokaha ke ntshitse Bafilesta Kaftore, le Basiria Kire?


Empa Jehova a tsosa moya o moholo lewatleng, mme ha tsoha sefefo se seholo lewatleng, sekepe sa ba sa batla se robeha.


Yare ha tsatsi le tjhaba, Jehova a hlahisa moya o bohale wa botjhabela, mme letsatsi la bata hlooho ya Jonase, a ba a kgathala, a qela lefu, a re: Ho leng molemo ho nna ke ho shwa, e seng ho phela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos