Eksoda 4:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe o re ho Jehova: Oho Morena, ha ke monna ya buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le jwale, haesale o bua le mohlanka wa hao; ke motho ya molomo o boima, le ya leleme le boima. BIBELE Jwale Moshe a re ho Morena: “Oho, Morena, ha ke na bokgeleke ba puo. Haesale o qala ho buisana le mohlanka wa hao maobane, ho fihlela kajeno, ke ntse ke se na bokgeleke, hobane ke lehwelea, ke a kokotletsa.” |
Moshe a re ho Modimo: A nna ke mang, nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele Egepeta?
Yaba Moshe o araba, a re: Empa bona, ha ba ka ke ba ntumela, mme ha ba ka ke ba mamela lentswe la ka, hobane ba tla re: Jehova ha a ka a iponahatsa ho wena.
Moshe a bua pela Jehova, a re: Bona, bana ba Iseraele ha ba ka ba nkutlwa, mme Faro a ka nkutlwa jwang, nna ke leng motho ya molomo o thata?
Ke o ntshitse lefatsheng la Egepeta, ke o lopolotse tlung ya bohlanka, ka ba ka o etella pele ka Moshe le Aarone le Miriame.
Moshe a rutwa bohlale bohle jwa Baegepeta, mme ya eba motho ya matla ditabeng le mesebetsing.
Hobane ba bang ba re: Mangolo a hae wona a boima, a matla, empa sebopeho sa mmele wa hae ke se fokolang, le puo ya hae ke e nyatsehang.
Ekare ha ke le sethoto ka puo, ka tsebo ha ke sona; empa re itsebahaditse hara lona ka nqa tsohle le ka ntho tsohle.