Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 4:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba Jehova o re ho yena: Ke mang ya etseditseng motho molomo, kapa ke mang ya etsang motho semumu, kapa ya tsebetutu, kapa ya bonang, kapa ya sefofu? Na hase nna Jehova na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Morena a re ho yena: “Ke mang ya entseng molomo wa motho? Ke mang ya mo etsang hore e be semumu, kapa tsebetutu, kapa a bone, kapa e be sefofu? Na hase nna Morena?

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 4:11
18 Referencias Cruzadas  

A re theoheng he, re ferekanye puo ya bona hona teng, hore e mong a se ke a utlwa puo ya e mong.


Hleka taba e teng e ka sitang Jehova? Ka nako e beilweng, ke tla kgutlela ho wena, ha selemo se boya, mme Sara o tla ba le mora.


Jehova o tutubolla mahlo a difofu; Jehova o emisa ba inamisitsweng; Jehova o rata ba lokileng.


Morena, ahlamisa melomo ya ka, mme molomo wa ka o tla tumisa dithoko tsa hao;


Ya hlomileng tsebe, na a ke ke a utlwa na?


Tsebe e utlwang le leihlo le bonang, Jehova o di entse tse pedi.


ho tutubolla mahlo a difofu, ho ntsha ba holehilweng kgolehong, le ba dutseng lefifing teronkong.


Sa ama molomo wa ka ka lona, sa re: Leshala lena le amile melomo ya hao; jwale, bokgopo ba hao bo tlositswe, sebe sa hao se phekotswe.


Yaba ke re: Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.


Yaba Jehova o otlolla letsoho la hae, a ama molomo wa ka; mme Jehova a re ho nna: Bona, ke bea mantswe a ka molomong wa hao.


Letsoho la Jehova la eba ho nna ka phirimana, mophonyohi a eso ho fihle, mme Jehova a ahlamisa molomo wa ka, ho fihlela a ba a etla ho nna hosasa; molomo wa ka wa ahlamiswa, ha ke a ka ka hlola ke eba semumu.


Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?


Difofu di a bona, dihlotsa li a tsamaya, balepera ba ntlafala, ba thibaneng ditsebe ba utlwa, bafu ba tsoha, mme mafutsana a bolellwa Evangeli.


Mme bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua, ho be ho fihle matsatsi ao ditaba tseo di tla etsahala ka wona, kahobane o sa ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla etsahala nakong ya tsona.


Ka nako yona eo molomo wa hae wa buleha, le leleme la raroloha, mme a bua, a boka Modimo.


Ba bang ba ne ba re: Ditaba tseo hase tsa motho ya nang le motemona. Na motemona a ka tutubolla mahlo a difofu na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos