Wa re: Ke tla ba le wena, mme pontsho ya hobane ke nna ke o romang, e tla ba ena: Mohla o ntshang setjhaba Egepeta, le tla tla sebeletsa Modimo hodima thaba ena.
O tle o bue le yena, o kenye ditaba molomong wa hae, mme nna ke tla ba le molomo wa hao, ke be le molomo wa hae, mme ke tla le ruta seo le tla se etsa.
Morena Jehova o nneile leleme la ba rutehileng, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ya kgathetseng ka lentswe la ka. Ke yena ya ntsosang kameso yohle, ya bulang ditsebe tsa ka, ke tle ke tsebe ho mamela ka mokgwa wa ba rutwang.
Mohla ba le hulang ho le isa kahlolong, le se ke la belaela pele ka seo le tla se bolela, mme le se ke la se nahana, empa seo le tla se newa nakong yona eo, le bolele sona; hobane e ke ke ya eba lona le buang, empa e tla ba Moya o Halalelang.
Mohlomong, ha Jesu a le bakeng se seng, a rapela; eitse hobane a qete thapelo ya hae, e mong wa barutuwa ba hae, a re ho yena: Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne le yena a rutile barutuwa ba hae.
empa Moemedi, e leng Moya o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke yena ya tla le ruta tsohle, mme o tla le hopotsa le tsohle tseo ke le boleletseng tsona.
ke tla ba hlahisetsa moporofeta ya tswang hara banababo bona, ya jwaloka wena; ke tla bea mantswe a ka molomong wa hae, mme o tla ba bolella tsohle tseo ke tla mo laela tsona.