Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 4:10 - BIBELE

10 Jwale Moshe a re ho Morena: “Oho, Morena, ha ke na bokgeleke ba puo. Haesale o qala ho buisana le mohlanka wa hao maobane, ho fihlela kajeno, ke ntse ke se na bokgeleke, hobane ke lehwelea, ke a kokotletsa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba Moshe o re ho Jehova: Oho Morena, ha ke monna ya buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le jwale, haesale o bua le mohlanka wa hao; ke motho ya molomo o boima, le ya leleme le boima.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 4:10
11 Referencias Cruzadas  

“Ha ho pelaelo, batho ke lona feela! Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.


Empa Moshe a re ho Modimo: “Nna ke mang, hoo nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta?”


Jwale Moshe a araba, a re: “Empa bona, ha ba na ho nkgolwa, mme ha ba na ho mamela lentswe la ka, hobane ba tla re: ‘Morena ha a eso ka a iponahatsa ho wena.’ ”


Empa Moshe a re ho Morena: “Bona, bana ba Iseraele ha ba a ka ba mmamela; jwale Faro yena a ka mmamela jwang, nna eo molomo wa ka o se nang bokgeleke ba puo?”


Yaba Moshe o re ho Morena: “Bona, ha ke na bokgeleke ba puo; jwale Faro a ka mmamela jwang?”


Yaba nna ke re: “Oho, Morena Modimo, nna ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.”


Ke ile ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le lopolla naheng ya bokgoba. Ka romela Moshe ho le etella pele, ka mo romela a ena le Arone le Meriama.


Moshe a rutwa bohlale bohle ba Baegepeta, mme a ba matla dipolelong le mesebetsing ya hae.


hobane e mong o re: “Ruri mangolo a hae a boima, a matla, empa ha a le teng ka seqo ke dikobo feela, le puo ya hae e a nyediseha.”


Leha ke se kgeleke, tsebo ke na le yona, mme re le bontshitse hona ka dinako tsohle le ka mekgwa yohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos