Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 4:9 - BIBELE

9 Haeba ba ntse ba sa kgodiswe ke mehlolo ena e mmedi, mme ba sa mamele lentswe la hao, o tle o kge metsi nokeng, o atshele fatshe, moo ho ommeng. Metsi ao, ao o a kgileng nokeng, a tla fetoha madi ha a fihla mobung o ommeng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ekare ha ba sa kgolwe le ke dipontsho tsena tse pedi, mme ba sa utlwe lentswe la hao, o tla nka metsi a noka, o a tshollele fatshe, mme metsi ao o a kgileng nokeng a tla fetoha madi hodima lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 4:9
5 Referencias Cruzadas  

Jwale Faro a laela setjhaba sa hae sohle, a re: “Bashanyana bohle ba Baheberu ba tla tswalwa, le ba akgele ka nokeng, empa, banana bohle bona le ba tlohele ba phele.”


“Haeba ba sa o kgolwe, mme ba sa mamele lentswe la hao ha ba bona mohlolo wa pele, ba tla kgodiswa ke mohlolo wa bobedi.


Morena o bua tjena: ‘Ka sena o tla tseba hore ke nna Morena. Bona, ka molamu o ka letsohong la ka ke tla otla hodima metsi a ka nokeng, mme a tla fetoha madi.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos