Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 4:8 - BIBELE

8 “Haeba ba sa o kgolwe, mme ba sa mamele lentswe la hao ha ba bona mohlolo wa pele, ba tla kgodiswa ke mohlolo wa bobedi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Etlare ha ba sa o dumele, mme ba sa utlwe puo ya pontsho ya pele, ba tla kgolwa ke puo ya pontsho ya bobedi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 4:8
10 Referencias Cruzadas  

Ha kgosi ya Iseraele e se e badile lengolo lena, ya hahola diaparo tsa yona, ya re: “Na nna ke Modimo ya ka bolayang a ba a phedisa, ha e le moo monna eo a nthomella motho eo hore ke mo fodise lepera? Ke a le kopa: Shebang taba ena hantle. Na ha le bone hore motho eo o mpatla ntwa!”


Modimo o a hlatha, a be a tlame leqeba; tsoho la hae le a otla, le bile le a fodisa;


Moshe a phetela Arone mantswe wohle ao Morena a a buileng ho yena, ha a mo roma, le mehlolo yohle eo a mo laetseng ho e etsa.


“Yaba Morena o re: ‘Busetsa letsoho la hao katlasa seaparo, sefubeng sa hao.’ A busetsa letsoho la hae katlasa seaparo, sefubeng sa hae, a ba a le ntsha, mme bonang, la tswa le se le fodile, le tshwana le pele.


Haeba ba ntse ba sa kgodiswe ke mehlolo ena e mmedi, mme ba sa mamele lentswe la hao, o tle o kge metsi nokeng, o atshele fatshe, moo ho ommeng. Metsi ao, ao o a kgileng nokeng, a tla fetoha madi ha a fihla mobung o ommeng.”


Thuto ya hae ke: Molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo; hanyenyane mona, hanyenyane mane.”


Le hoja a entse mehlolo e mengata hakaalo pela bona, ha ba a ka ba dumela ho yena,


“ ‘Bona, ke nna eo e ntseng e le yena, ha ho Modimo e mong. Ke a timetsa, ke a phedisa, ke a hlatha, ke a fodisa, ha ho ya ka namolelwang matsohong a ka.


Yaba Gideone o re ho yena: “Haeba o nkgauhetse, ako nketsetse pontsho ya hore efela ke wena ya buang le nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos