Yaba Moshe o araba, a re: Empa bona, ha ba ka ke ba ntumela, mme ha ba ka ke ba mamela lentswe la ka, hobane ba tla re: Jehova ha a ka a iponahatsa ho wena.
Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!
Yaba ke re: Jo! Jo! Morena Jehova, bona, baporofeta ba bona ba ba bolella, ba re: Ha le ka ke la bona lerumo, tlala ha e ka ke ya eba teng ho lona; hobane ke tla le nea kgotso e tiileng nqalong ena.
Oho Morena Jehova, bona, ke wena ya entseng mahodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo le ka letsoho la hao le otlolohileng; ha ho letho le ka o sitang.
Yaba ke re: Jo! Morena Jehova, kannete o thetsitse setjhaba sena le Jerusalema, ha o itse: Le tla nne le be le kgotso, kanthe lerumo le hlile le ba hlaba ho ya fihla moyeng.
Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.
la re ho lona: matha, o bolelle mohlankana enwa, o re: Jerusalema o tla ahuwa jwaloka naha e phatlaletseng ka baka la bongata ba batho le ba diphoofolo tse ho wona;