Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 1:6 - BIBELE

6 Yaba nna ke re: “Oho, Morena Modimo, nna ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba ke re: Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 1:6
12 Referencias Cruzadas  

Jwale Moshe a araba, a re: “Empa bona, ha ba na ho nkgolwa, mme ha ba na ho mamela lentswe la ka, hobane ba tla re: ‘Morena ha a eso ka a iponahatsa ho wena.’ ”


Empa Moshe a re ho Morena: “Bona, bana ba Iseraele ha ba a ka ba mmamela; jwale Faro yena a ka mmamela jwang, nna eo molomo wa ka o se nang bokgeleke ba puo?”


Yaba Moshe o re ho Morena: “Bona, ha ke na bokgeleke ba puo; jwale Faro a ka mmamela jwang?”


Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”


Yaba ke re: “Ao! Morena Modimo, ako bone! Ke baporofeta ba ntseng ba re ho sona: ‘Le ke ke la bona sabole kapa la bolawa ke sekoboto. Ruri ke tla le nea kgotso ya kamehla yohle sebakeng sena.’ ”


“Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang.


Yaba moporofeta Jeremia o bua mantswe ana wohle ho Sedekiya, kgosi ya Juda, a le Jerusalema.


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo, ruri o thetsitse setjhaba sena, le yona Jerusalema, ka ho re: ‘Le tla ba le kgotso,’ athe re se re le lekgatheng la ho bolawa ka sabole.”


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ha ke eso ka ke itshilafatsa! Ho tloha botjheng ba ka ho fihlela kajeno ha ke eso ka ke eja eng kapa eng e fumanwang e itjhweletse, kapa e harotswe ke dibatana. Ha ke eso ka ke eja nama e sesila.”


Lengeloi la bobedi la re ho la pele: “Matha, o yo bolella mohlankanyana eo, o re: ‘Ka baka la bongata ba batho le ba mehlape, Jerusalema ha e na ho haheletswa ka marako.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos