Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 1:5 - BIBELE

5 “Ke o tsebile ke eso o bope ka popelong ya mmao, ka ba ka o halaletsa o eso tswalwe, ka o kgethela ho ba moporofeta wa ditjhaba.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ke o tsebile ke eso ho o bope mpeng ya mmao; o eso ho tswe popelong, ke o kgethile, mme ke o beile moporofeta wa ditjhaba.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 1:5
26 Referencias Cruzadas  

Masapo a ka a ne a sa pateha ho wena, ha ke ne ke bopjwa sephiring, ke kopanngwa ditho ke le botebong ba lefatshe.


Mahlo a hao a mpone ke eso tswalwe; tsohle tsa ka di ne di se di ngotswe bukeng ya hao, le pele ke eba teng.


Yaba Moshe o re ho Morena: “Bona, o itse ho nna: ‘Nyolla setjhaba sena,’ empa ha o eso mpolelle hore na o tla nthoma le mang, le hoja wena o itse: ‘Ke tseba lebitso la hao, mme ke bile ke o hauhetse.’


Morena a re ho Moshe: “Ntho ena eo o e buileng, le yona ke tla e etsa, hobane ke o hauhetse, mme ke tseba lebitso la hao.”


Morena, yena ya o bopileng, ya o entseng o sa le popelong, ya tla o thusa, o bua tjena: Se tshabe, wena Jakobo, mohlanka wa ka, le wena Jeshurune eo ke mo kgethileng.


“Lona dihlekehleke, mmameleng! Lona tjhaba tse hole, utlwang tsena! Morena o mpitsitse ke sa le popelong, mohla ke tswalwang a mpitsa ka bitso la ka.


Morena ya nkgethetseng ho ba mohlanka wa hae, a nkgetha ke sa le popelong ya mme, hore ke kgutlisetse Jakobo ho yena, ke bokelle tjhaba sa hae sa Iseraele, hobane mahlong a hae ke a tlotleha, ke Modimo wa ka, ke yena matla a ka.


Kajeno lena ke o nea matla hodima ditjhaba le hodima mebuso, hore o motsule o be o heletse, o timetse o be o phethole, o hahe o be o hlome.”


Yaba lentswe la Morena le a mphihlela, le re:


Ho ke ho rohakehe ya ileng a behela ntate, yena ya ileng a mo thabisa, a re: “O tswaletswe ngwana moshanyana!”


‘Dintho tsohle tseo ke di boletseng ke tla di dihela hodima naha ena, e leng tsohle tse ngotsweng bukeng ena, tseo Jeremia a ileng a di porofetela dinaha tsena tsohle.


“Nka buka, o ngole ho yona mantswe wohle ao ke a buileng ho wena ka Iseraele le Juda le ditjhaba tsohle, ho tloha mohla ke neng ke bua le wena, mehleng ya Josiya, ho fihlela kajeno lena.


Empa Mopholosi wa sona o matla, Morena wa mabotho ke lona lebitso la hae, se tla buellwa ke yena nyeweng ya sona. Lefatshe le tla tseba ho fumana phomolo, baahi ba Babilona bona ba hloke kgotso.


hobane o tla ba moholo pela Morena; ha a ka ke a nwa veine leha e le seno se tahang, mme o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.


Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea la tlola ka popelong ya Elisabetha, mme a tlala Moya o Halalelang.


Wena, ngwana o tla bitswa moporofeta wa Ya Hodimodimo, hobane o tla etella Morena pele ho lokisa ditsela tsa hae,


Jwale ho ya kang ha le re: ‘O a nyefola,’ kahobane nna ya halaleditsweng, mme a romelwa lefatsheng ke Ntate, ke itse: ‘Ke Mora wa Modimo’?


Nna Paulosi, mohlanka wa Kreste Jesu, ke bitseditswe ho ba moapostola. Ke kgethetswe ho bolela molaetsa o molemo wa Modimo,


Bao a ba tsebileng e sa le pele, o ba kgethile e sa le pele hore ba tshwane le Mora wa hae, e le hore Mora e be letsibolo hara bana ba bangata ba Modimo.


Empa haeba ho ena le ya ratang Modimo, yena o tsejwa ke yena.


Modimo o bile o beile tsohle katlasa maoto a hae, mme ka ho mmea hodima tsohle, o mo entse hlooho ya kereke,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos