Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 10:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane ba bang ba re: Mangolo a hae wona a boima, a matla, empa sebopeho sa mmele wa hae ke se fokolang, le puo ya hae ke e nyatsehang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 hobane e mong o re: “Ruri mangolo a hae a boima, a matla, empa ha a le teng ka seqo ke dikobo feela, le puo ya hae e a nyediseha.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Hobane ba re: Mangolo a hae a boima, a matla; empa ha a le teng ka nama, o a fokola, le puo ya hae ke e nyatsehang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Hobane ba re: Mangolo a hae a boima, a matla; empa ha a le teng ka nama, o a fokola, le puo ya hae ke e nyatsehang.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 10:10
13 Referencias Cruzadas  

Yaba Moshe o re ho Jehova: Oho Morena, ha ke monna ya buang habonolo, leha e le maobane, leha e le maoba, esita le jwale, haesale o bua le mohlanka wa hao; ke motho ya molomo o boima, le ya leleme le boima.


Yaba ke re: Oho Morena Jehova, bona, ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.


Hobane Kreste ha a ka a nthoma hore ke kolobetse, empa e le hore ke bolele Evangeli, e seng ka bohlale ba dipolelo, sefapano sa Kreste se tle se se ke sa etswa lefeela.


Hobane ereka ha lefatshe le sa ka la tseba Modimo bohlaleng ba Modimo, ka bohlale ba lona, Modimo o ithatetse ho pholosa ba dumelang ka bohlanya ba polelo ya Evangeli.


Ke le Pauluse, ke a le kgothatsa ka bonolo le ka mosa wa Kreste, e le nna eo ho thweng ke ikokobetsa ha ke le hara lona, empa ha ke se teng, ke ye ke le etsetse ka matla;


Ya buang jwalo a ke a hopole hoba seo re leng sona ka dipolelo mangolong a rona, ha re le siyo, re sona le ka diketso, mohla re leng teng.


ho tle ho se ke ha eba jwaloka hoja ke rata ho le tshosa ka mangolo a ka.


Ke rialo ka dihlong, ho le jwaloka hoja re se na matla le hanyenyane. Athe leha motho a ka bua a sa tshabise letho, le nna — ke bua ka bowatla — nke ke ka tshabisa letho.


Ekare ha ke le sethoto ka puo, ka tsebo ha ke sona; empa re itsebahaditse hara lona ka nqa tsohle le ka ntho tsohle.


haele moo le batla pontsho e le kgodisang hore Kreste o bua ka nna, athe yena ha a le fokolla, empa o matla hara lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos