Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 10:10 - BIBELE

10 hobane e mong o re: “Ruri mangolo a hae a boima, a matla, empa ha a le teng ka seqo ke dikobo feela, le puo ya hae e a nyediseha.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hobane ba bang ba re: Mangolo a hae wona a boima, a matla, empa sebopeho sa mmele wa hae ke se fokolang, le puo ya hae ke e nyatsehang.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

10 Hobane ba re: Mangolo a hae a boima, a matla; empa ha a le teng ka nama, o a fokola, le puo ya hae ke e nyatsehang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Hobane ba re: Mangolo a hae a boima, a matla; empa ha a le teng ka nama, o a fokola, le puo ya hae ke e nyatsehang.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 10:10
13 Referencias Cruzadas  

Jwale Moshe a re ho Morena: “Oho, Morena, ha ke na bokgeleke ba puo. Haesale o qala ho buisana le mohlanka wa hao maobane, ho fihlela kajeno, ke ntse ke se na bokgeleke, hobane ke lehwelea, ke a kokotletsa.”


Yaba nna ke re: “Oho, Morena Modimo, nna ha ke tsebe ho bua, hobane ke sa le ngwana.”


Kreste ha a ya nthomela ho kolobetsa, empa ho bolela molaetsa o molemo, e seng ka bokgeleke, esere sefapano sa Kreste sa fetolwa lefeela.


Erekaha lefatshe, ka bohlale ba lona, le sitilwe ho tseba Modimo ka mesebetsi ya bohlale ba hae, ka hona ba dumelang, Modimo o kgahlilwe ke ho ba pholosa ka bothoto ba molaetsa ona oo re o phatlalatsang.


Nna Paulosi, eo ho thweng ke konyana ha ke le hara lona, empa ke tau ha ke le hole le lona, ka bonna ke ipiletsa ho lona ka mosa le ka bopelonolo ba Kreste.


Ya jwalo a ke a hopole hore seo re leng sona mangolong ka dipolelo ha re le siyo, leha re le teng re ntse re le sona ka mosebetsi.


Ha ke rate ho bonahala eka ke le tshosa ka mangolo,


Ke hlajwa ke dihlong ho dumela hore re ile ra fokola tabeng ena, empa moo motho a sa tshabeng ho ithorisa, le nna ha ke tshabe. Feela ke bua ka bothoto.


Leha ke se kgeleke, tsebo ke na le yona, mme re le bontshitse hona ka dinako tsohle le ka mekgwa yohle.


kaha le batla bopaki ba hore Kreste o bua ka nna. Yena ha a le fokolle, empa o matla hara lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos