2 Kannete, lona le banna! mme bohlale bo ya shwa le lona?
2 “Ha ho pelaelo, batho ke lona feela! Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.
Empa motho ya se nang kutlwisiso, o sitwa ho fihlela kelello, o hlahile jwaloka petsana ya pitsi.
Bongata bo bokalo ba mantswe na bo ka hloka phetolo na? Motho ya lehehle na o tla re, o lokile na?
ho o senolela diphiri tsa bohlale ba wona, bo tebileng, bo fetang kutlwisiso ya rona, o ka be o bona hoba bakeng sa hao Modimo o lebetse boholo ba sebe sa hao.
Jobo a boela a fetola, a re:
Na motho ya bohlale a ka araba ka ditaba tsa lefeela na? Na fuba sa hae se tletse moya wa botjhabela na?
Haele ka lona kaofela, kgutlang hle, le boye; nke ke ka bona motho ya hlalefileng hara lona.
Hobane dipelo tsa bona o di kwaletse kutlwisiso; ka baka leo, o ke se ke wa ba phahamisa.
Ke utlwile dikgalemelo tse ntlhabisang dihlong, empa kelello ya ka e nnea karabo.
O eleditse hakaakang ya hlokang hlalefo, mme o boletse tsebo ya sebele hakaakang!
Morui o bohlale mahlong a hae, empa o lemohuwa ke mofutsana ya kelello.
Ho madimabe ba ipeileng bohlale mahlong a bona, ba itshepetseng kelello ya bona!
Rona, re mahlanya ka baka la Kreste, empa lona, le bohlale ho Kreste; rona re a fokola, empa lona le matla; lona, le a bokwa, empa rona, re a kgeswa.
Ke rialo ho le hlabisa dihlong. Na ke ho re, ha ho na ya bohlale hara lona, leha a le mong, ya ka tsebang ho ahlolela motho le ngwanabo na?