Abrahama a re: Mora ka, Modimo o tla iponela nku ya setjheso. Yaba ba tsamaya ba babedi hammoho.
Eksoda 12:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bolellang phutheho yohle ya Iseraele, le re: Ka tsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, kapa potsanyane, ka matlo a bontata bona, ntlo le ntlo e be le konyana. BIBELE Bolellang setjhaba sohle sa Iseraele, le re: ‘Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, ho ya ka malapa a bo-ntata bona, lelapa ka leng le be le konyana. |
Abrahama a re: Mora ka, Modimo o tla iponela nku ya setjheso. Yaba ba tsamaya ba babedi hammoho.
Abele le yena a mo tlisetsa matsibolo a mang a mohlape wa hae, le mafura a wona. Yaba Jehova o tadima Abele le kabelo ya hae;
Josiase a ntshetsa bana ba setjhaba dikonyana le dipotsanyane tse dikete tse mashome a mararo, ha di balwa; kaofela ha tsona e le ho etsa Paseka ya bohle ba neng ba le teng, le dikgomo tse dikete tse tharo; ntho tseo tsa nkwa maruong a morena.
Kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho lona, e be yona eo le qalang dikgwedi tsa ngwaha ka yona.
Yaba Moshe o bitsa baholo ba Iseraele kaofela, a re ho bona: Kgethang, mme le inkele konyana ka matlo a lona, mme le hlabe Paseka.
Ekare ha ba ntlo ba sa lekane ho ja konyana, ba nkane le ba ntlo e bapileng le ya bona, ka palo ya batho: ho balwe e mong le e mong ka ho ja ha hae, ha ho nkwa konyana.
E tla dula ho lona le e bolokile ho fihlela tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, e ntoo hlajwa mantsiboya ke phutheho yohle ya Iseraele.
Jehova a re ho Moshe: O ntse o howelletsang ho nna? Bolella bana ba Iseraele hore ba tsamaye.
Ba re ho Moshe: Wena, bua le rona, mme re tla mamela, Modimo o mpe o se ke wa bua le rona, ra tshoha re eshwa.
Aarone a ba bolella mantswe kaofela ao Jehova a a buileng ho Moshe, mme a etsa dipontsho mahlong a setjhaba.
Ka baka lena, e reng ho bana ba Iseraele: Ke nna Jehova, ke tla le jarolla boima ba Baegepeta, ke le lwele ditlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka dikahlolo tse kgolo.
Selemong sa mashome a mabedi a metso e mehlano sa kgoleho ya rona, qalong ya selemo, ka la leshome la kgwedi, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene motse o sentswe, ka lona tsatsi leo, letsoho la Jehova la eba ho nna, mme a ntlisa mona.
Bolela bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha motho hara lona a rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo, e tla ba sehlabelo kapa sa kgomo kapa sa tse kgutshwane.
o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato ka baka le sebe seo a se entseng, e be sa ntho e tshehadi ya tse kgutshwane, kapa nku, kapa podi, e be sehlabelo sa sebe, hore moprista a mo etsetse pheko ya sebe sa hae.
Ho nno ho etswe jwalo bakeng sa pohwana e nngwe le e nngwe, kapa sa pheleu e nngwe le e nngwe, kapa sa konyana e nngwe le e nngwe, kapa sa potsanyane e nngwe le e nngwe.
Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.
Eitse ha ho se ho tla feta matsatsi a tsheletseng, e ntoo ba Paseka, Jesu a fihla Bethania, moo Lasaro ya neng a shwele, a bileng a tsoswa ke yena, a neng a le teng.
Ka hosasane, bongata bo boholo bo tlileng moketeng, yare ha bo utlwa hore Jesu o tla Jerusalema,
A le ke le tlose ho lona ditomoso tsa kgale, le tle le be hlama e ntjha, haele moo le le ba sa lomoswang; hobane Paseka ya rona, e leng Kreste, e hlabetswe rona.
Hosasa, le tla atamela ka meloko ya lona; leloko leo Jehova a le tshwarang, le tla atamela ka methapo ya lona; mothapo oo Jehova a o tshwarang, o tla atamela ka matlo a wona; mme ntlo eo Jehova a e tshwarang, ho tla atamela banna ba yona ka bonngwe.
Mme se tla rapelwa ke bohle ba ahileng lefatsheng bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng, esale lefatshe le thewa.
Yaba Samuele o nka konyana e anyang, a e hlabela Jehova ka mokgwa wa setjheso se tjheswang kaofela. Samuele a ntoo howeletsa ho Jehova bakeng sa Iseraele, mme Jehova a mo utlwa.