Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 20:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ba re ho Moshe: Wena, bua le rona, mme re tla mamela, Modimo o mpe o se ke wa bua le rona, ra tshoha re eshwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Yaba se re ho Moshe: “Wena bua le rona, mme re tla mamela. Modimo yena a se ke a mpa a bua le rona, esere ra shwa.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 20:19
9 Referencias Cruzadas  

Adama a re: Ke utlwile lentswe la hao tshimong, mme ke tshabile, kahobane ke feela, mme ke ipatile.


Jakobo a rea nqalo eo lebitso la Peniele (sefahleho sa Modimo), ka ho re: Ke tadimane difahleho le Modimo, mme bophelo ba ka bo bolokehile.


Hape a re: O ke ke wa bona sefahlelo sa ka, hobane ha ho motho ya ka mponang, mme a phela.


Ke yena ya kileng a ba phuthehong feelleng, hammoho le lengeloi le neng le bua le yena thabeng ya Sinai le bontata rona moholo; ke yena ya nkileng ditaba tsa bophelo ho re nea tsona.


Ha ho le jwalo, molao ke wa ho etsang? O beilwe ka baka la ditlolo, ho tle ho be ho fihle leloko leo dipallo di etseditsweng lona, mme o tiisitswe ke mangeloi ka letsoho la mmuelli.


jwaloka ha o kile wa kopa ho Jehova, Modimo wa hao, Horebe, tsatsing la phutheho, wa re: Ke se ke ka boela ka utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa ka; mme ke se hlole ke bona mollo oo o moholo, ke tle ke se ke ka shwa:


Nna, mohlang oo, ke ne ke eme mahareng a Jehova le lona ke tle ke le phetele lentswe la Jehova; hobane le ne le tshaba mollo; mme ha le a ka la hlwa thabeng. Jehova a re:


leha e le modumong wa terompeta, leha e le lentsweng le bolelang ditaba, leo ba kileng ba le utlwa ba rapetseng, ba re, ho ke ho leswe ho buwa le bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos