Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 20:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Setjhaba sohle se ne se tadimile se utlwa diaduma, le mahadima, le modumo wa terompeta, le thaba e ntse e kubella mosi; setjhaba eitse ha se bona tseo, sa thothomela, sa ikemela hole.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Setjhaba sohle se ne se utlwa diaduma, le modumo wa lenaka; se bona mahadima le thaba e foqohang mosi, mme sa thothomela, sa emella hole.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 20:18
13 Referencias Cruzadas  

Eitse ha letsatsi le se le diketse, ho se ho phirimile, bonang, ha eba sebopi se kubellang, mme lelakabe la mollo la tsamaya pakeng tsa mekgekgetho eo.


Adama a re: Ke utlwile lentswe la hao tshimong, mme ke tshabile, kahobane ke feela, mme ke ipatile.


Wa nthapela o le matswalong, ka o boloka, ka o utlwa ke ipopile ka leru le dumang, ka o leka metsing a Meriba. (Sela.)


Na le re: ke Modimo wa bohaufi, ho bolela Jehova, ha ke Modimo wa bohole le hona na?


jwaloka ha o kile wa kopa ho Jehova, Modimo wa hao, Horebe, tsatsing la phutheho, wa re: Ke se ke ka boela ka utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa ka; mme ke se hlole ke bona mollo oo o moholo, ke tle ke se ke ka shwa:


A le lehodimong, o ile a o utlwisa lentswe la hae hore a o rute; le lefatsheng o o bontshitse mollo wa hae o moholo, mme o utlwile mantswe a hae a etswa hara mollo.


Eitse ha le utlwa lentswe le buang hara lefifi, thaba e ntse e tuka mollo kahohle la nkatamela, lona dihlooho tsohle tsa meloko ya lona, le baholo ba lona;


Empa jwale, re ka shwelang? Athe mollo oo o moholo o ya re qeta. Ha re ka boela ra utlwa lentswe la Jehova, Modimo wa rona, re tla shwa.


Wena, atamela, o mamele tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla di bua, mme wena o tle o re phetele tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla o bolella tsona, mme re tla di mamela, re di etse.


Nna, mohlang oo, ke ne ke eme mahareng a Jehova le lona ke tle ke le phetele lentswe la Jehova; hobane le ne le tshaba mollo; mme ha le a ka la hlwa thabeng. Jehova a re:


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos