Eksoda 20:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)17 O se ke wa lakatsa ntlo ya wa heno; o se ke wa lakatsa mosadi wa hae, leha e le mohlanka wa hae e motona, leha e le e motshehadi, leha e le kgomo ya hae, leha e le esele ya hae, leha e le ntho e nngwe e leng ya wa heno. Ver CapítuloBIBELE17 “O se ke wa lakatsa hore ntlo ya motho e mong e be ya hao. O se ke wa lakatsa mosadi wa hae, kapa mohlanka wa hae, kapa lekgabunyane la hae, kapa pholo ya hae, kapa tonki ya hae, kapa ntho e nngwe le e nngwe eo e leng ya motho e mong.” Ver Capítulo |
Ke motho ya dutseng a nnotshi, ya se nang wa bobedi ho yena, ya se nang leha e le mora, leha e le ngwanabo; leha ho le jwalo, mokgathala wa hae ha o fele, le wona mahlo a hae ha a kgore moruo ... Ke ikgathaletsa mang, mme ke tima moya wa ka lehlohonolo ka baka la mang? Hoo le hona ke lefeela, ke mokgathala o bohloko.
Mponeng, ke nna enwa; le mpakele pontsheng ya Jehova le pontsheng ya motlotsuwa wa hae: na ke nkile kgomo ya mang? kapa ke nkile esele ya mang? ke jele ntho ya mang? kapa ke tshwentse mang? kapa ke matsohong a mang ke amohetseng moputso hore ke foufatse mahlo a ka ka wona? Mpolelleng hle ke tle ke le kgutlisetsa ntho tseo.