Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:3 - BIBELE

3 Bolellang setjhaba sohle sa Iseraele, le re: ‘Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, ho ya ka malapa a bo-ntata bona, lelapa ka leng le be le konyana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Bolellang phutheho yohle ya Iseraele, le re: Ka tsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, kapa potsanyane, ka matlo a bontata bona, ntlo le ntlo e be le konyana.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:3
26 Referencias Cruzadas  

Aborahama a araba, a re: “Ngwana ka, Modimo o tla bona, a ipatlele konyana ya sehlabelo sa setjheso.” Yaba ba ntse ba tsamaya mmoho ba babedi.


Abele le yena a mo tlisetsa matsibolo a nonneng a mohlape wa hae. Morena a kgahlwa ke Abele le nyehelo ya hae,


Josiya a nea setjhaba mehlape ya dikonyana le ya dipotsanyane e etsang dikete tse mashome a mararo, le dipohwana tse dikete tse tharo tse tswang mehlapeng ya kgosi. E ne e le nyehelo ya Paseka, ya bohle ba neng ba le teng.


“Ho lona kgwedi ena e tla ba kgwedi ya pele ho dikgwedi; e tla ba kgwedi ya pele ya selemo.


Yaba Moshe o bitsa baholo bohle ba Iseraele, o re ho bona: “Tsamayang le yo nkela malapa a lona dikonyana, mme le di hlabele mokete wa Paseka.


Haeba lelapa le le lenyenyane haholo, hoo le ke keng la lekana ho ja konyana, le e kopanele le lelapa le bapileng le lona, e arolelanwe ho ya ka palo ya batho ba tla e ja.


Le tla e boloka ho fihlela letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi ena, e nto hlajwa ka shwalane, moo setjhaba sohle se leng teng.


Morena a re ho Moshe: “Ke hobaneng o ntseng o ipiletsa ho nna? Bolella bana ba Iseraele hore ba tsamaye.


Yaba se re ho Moshe: “Wena bua le rona, mme re tla mamela. Modimo yena a se ke a mpa a bua le rona, esere ra shwa.”


Yaba Arone o pheta mantswe wohle ao Morena a a buileng ho Moshe; a ba a etsa le mehlolo moo setjhaba se ntseng se bona.


“Ka baka leo, ere ho bana ba Iseraele: ‘Ke nna Morena; ke tla le imolla mejaro ya Baegepeta, ke le lopolle bokgobeng ba bona, ke le lopolle ka letsoho la ka le matla, le ka dikahlolo tse boima.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi, qalong ya selemo sa mashome a mabedi a metso e mehlano re le bothopuweng, e le selemo sa leshome le metso e mene motse wa Jerusalema o ripitlilwe, ka lona letsatsi leo matla a tswang ho Morena a ntsukutla, a nkukela hona Jerusalema.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha e mong wa lona a tlisetsa Morena nyehelo ya phoofolo, e be e tswang mohlapeng wa hae wa dikgomo, kapa wa dinku.


O tla tlisetsa Morena nyehelo ka baka le sebe seo a se entseng, e be kgutshwane, e tswang mohlapeng wa hae, nku e tshehadi kapa podi e tshehadi, e le nyehelo ya sebe. Moprista o tla etsetsa motho eo tefelo ya sebe sa hae.


“ ‘Oetse jwalo ka pohwana e nngwe le e nngwe, kapa ka pheleu e nngwe le e nngwe, kapa ka konyana e nngwe le e nngwe, kapa ka potsanyane e nngwe le e nngwe.


Ka la hosasane Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!


Yare ha a bona Jesu a feta, a re: “Bonang Konyana ya Modimo!”


Ha ho setse matsatsi a tsheletseng e eba Paseka, Jesu a ya Bethania, moo Lasaro, eo Jesu a neng a mo tsose bafung, a neng a le teng.


Ka la hosasane, letshwelehadi le tlileng moketeng ha le utlwa hore Jesu o tla Jerusalema,


Lahlelang tomoso ya kgale kantle, hore le tle le be hlama e ntjha, kaha le le bohobe bo sa lomoswang ba Paseka; ebile le Kreste, Konyana ya rona ya Paseka, o hlabilwe.


“ ‘Ka baka leo, hosasane le tla tliswa mona ka merabe ya lona. Morabe oo Morena a tla o kgetha, o tla atamela ka malapa a wona; lelapa leo Morena a tla le kgetha le tla atamela ka dihlooho tsa matlo a lona, mme ntlo eo Morena a tla e kgetha, banna ba yona ba tla atamela ka bomong.


Se tla kgumamelwa ke baahi bohle ba lefatshe, bao, ho tloha ha lefatshe le thewa, mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo, ya Konyana e hlabilweng.


Samuele a nka konyana e nyanyang, mme ka yona a etsetsa Morena nyehelo ya setjheso. Yaba Samuele o rapella Baiseraele ho Morena, mme Morena a utlwa thapelo ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos