Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Yaba Moshe o bitsa baholo ba Iseraele kaofela, a re ho bona: Kgethang, mme le inkele konyana ka matlo a lona, mme le hlabe Paseka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Yaba Moshe o bitsa baholo bohle ba Iseraele, o re ho bona: “Tsamayang le yo nkela malapa a lona dikonyana, mme le di hlabele mokete wa Paseka.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:21
18 Referencias Cruzadas  

Ebile morena a laela setjhaba sohle, a re: Etsetsang Jehova, Modimo wa lona, Paseka, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ena ya selekane.


Hobane baprista le Balevi ba ne ba itlhwekisitse, jwaloka hoja ke motho a le mong; ba ne ba hlwekile kaofela. Paseka eo ba e hlabela bohle ba kgutlileng kgolehong le baprista banababo bona, mme le bona ba itlhabela.


Le tle le e je ka mokgwa ona: le itlamile matheka, le rwetse dieta tsa lona maotong a lona, le tshwere lere la lona matsohong a lona, le e je le potlaka: ke Paseka ya Jehova.


Le se ke la ja letho le lomositsweng; matlung a lona kaofela le tla ja tse sa lomoswang.


Bolellang phutheho yohle ya Iseraele, le re: Ka tsatsi la leshome la kgwedi ena, e mong le e mong a inkele konyana, kapa potsanyane, ka matlo a bontata bona, ntlo le ntlo e be le konyana.


Jehova a re ho Moshe: Tswela kapele ho setjhaba, o tsamaye le baholo ba Iseraele, o nke lere la hao, leo o otlileng noka ka lona, letsohong la hao, o ye.


Yaba Moshe o ya bitsa baholo ba setjhaba, a ba phetela mantswe ana kaofela ao Jehova a mo laetseng wona.


Tsamaya, o phuthe baholo ba Iseraele, o re ho bona: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Jakobo, o iponahaditse ho nna, wa re: Ho le lekola, ke le lekotse; ke bone seo le se etswang Egepeta;


Yaba Jehova o re ho Moshe: Mphuthele banna ba mashome a supileng ba baholo ba Iseraele, bao o ba tsebang hoba ke baholo ba setjhaba le ba nang le matla hodima sona; o ba tlise pela tente ya pokano, hore ba tle ba itlhahise le wena teng.


ba nwele bohle seno se le seng sa moya; hobane ba ne ba enwa metsi a lefika la moya le ba latelang, mme lefika leo e ne e le Kreste.


Ka tumelo, o entse Paseka le phoko ya madi, hore ya bolayang matsibolo a se ke a ama a Baiseraele.


Bana ba Iseraele ba emisa Gilgale, ba etsa Paseka ka tsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi, nakong ya mantsiboya, mahwatateng a Jeriko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos