Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Le nke sehlotshwana sa hisopa, le e qopetse mading a mokekaneng; le foke sefate se hodimo le dikosene tsa menyako ka madi a leng mokekaneng; ho se ke ha tswa motho ka monyako wa ntlo ya hae ho fihlela hosasa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Le nke le mahlaku a hisopa, le a ine mading a ka sekotlolong, le tlotse kosene e kahodimo ho monyako, le tse pedi tse ka mahlakoreng, ka madi a tswang ka sekotlolong. Ho se be motho ya tla tswa ka tlung ya hae ho fihlela hosasane.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:22
13 Referencias Cruzadas  

O foke hodima ka ka hisopa, ke tle ke phekolehe! O ntlhatswe, ke tle ke fetisa lehlwa ka bosweu!


Ba tla kgella madi a yona, ba foke dikosene tsa menyako le mosehlelo o hodima menyako ya matlo ao ba jelang ho wona.


Eya setjhaba sa ka, kena kamoreng ya hao, o kwale monyako kamora hao! O ipate ho se hokae, ho fihlela kgalefo e feta.


Monna ya hlwekileng o tla nka hisopa, a e qopetse metsing ao, a ntoo foka tente ka yona, le mesebetsi yohle, le batho ba leng teng, le eo ya amileng masapo, kapa motho ya bolailweng, kapa setopo, kapa lebitla.


Eitse hobane ba bine dithoko, ba ya thabeng ya Mehlwaare.


Ka tumelo, o entse Paseka le phoko ya madi, hore ya bolayang matsibolo a se ke a ama a Baiseraele.


ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading ao re fokilweng ka wona, a bolelang ditaba tse fetisang tsa madi a Abele ka molemo.


Ha ho le jwalo, selekane sa pele se ne se na le melao ya tshebeletso, le sehalalelo e leng sa lefatshe.


ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!


Hobane Moshe, enere mohla a boleletseng setjhaba kaofela ditaelo tsohle tsa molao, a nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo takilweng ka purepera, le hisopa, mme a foka buka le setjhaba sohle ka tsona,


Leha e le mang le mang ya tla tswela kantle ho menyako ya ntlo ya hao, madi a hae a tla ba hodima hlooho ya hae; moo etlaba ha re na molato; mme leha e le mang le mang ya tla ba le wena ka tlung, madi a hae a tla ba hodima dihlooho tsa rona, ha a ka tswa kotsi.


ba kgethilweng ka ho tsejwa pele ke Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya, hore ba utlwe Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae; ke re: Le ke le atisetswe mohau le kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos