Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 12:22 - BIBELE

22 Le nke le mahlaku a hisopa, le a ine mading a ka sekotlolong, le tlotse kosene e kahodimo ho monyako, le tse pedi tse ka mahlakoreng, ka madi a tswang ka sekotlolong. Ho se be motho ya tla tswa ka tlung ya hae ho fihlela hosasane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Le nke sehlotshwana sa hisopa, le e qopetse mading a mokekaneng; le foke sefate se hodimo le dikosene tsa menyako ka madi a leng mokekaneng; ho se ke ha tswa motho ka monyako wa ntlo ya hae ho fihlela hosasa.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 12:22
13 Referencias Cruzadas  

Ruri ke bile ya sa lokang ho tloha tswalong ya ka, ke bile moetsadibe ho tloha popelong ya mme.


Batho ba nke madi a yona, mme ka wona ba tlotse dikosene tse pedi tse mahlakoreng, le kosene e kahodimo ho monyako, matlung wohle ao ba tla e jella ho wona.


Ikeleng tjhaba sa ka, le kene kamoreng tsa lona, ha le se le kene, le ikwalle kahara tsona, le ipate ho se hokae, kgalefo e be e fele.


Ba tla nka lehlaku la hisopa, ba le ine metsing, ebe monna ya hlwekileng o foka ka wona hodima tente, le hodima tsohle, le hodima bohle ba moo, le hodima monna eo ya ileng a ama lesapo kapa motho ya bolailweng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lebitla.


Hoba ba bine sefela, ba tswa, ba ya Thabeng ya Mehlwaare.


Ka tumelo a etsa mokete wa Paseka, mme a foka menyako ka madi, e le hore Motimetsi a tle a se ke a ama matsibolo a Baiseraele.


Le tlile ho Jesu, mmoelanyi wa Modimo le batho ka selekane se setjha, eo madi a hae a hlwekisang, a buang ka matla ho feta madi a Abele.


Selekane sa pele se ne se ena le melao ya tshebeletso, le tempele eo e leng ya lefatshe.


na madi a Kreste ya inyehetseng ho Modimo ka moya wa hae o sa feleng, a se na sekodi, ekaba wona a hlwekisa hakaakang dipelo tsa rona mesebetsing e isang timelong, e le hore re tle re sebeletse Modimo ya phelang?


Moshe o ile a balla setjhaba sohle ditaelo tsohle ka ho ya ka Molao, a nto nka madi a manamane le a diphooko, le metsi, le boya bo bofubelu, le lehlaku la hisopa, a foka buka ya Molao le batho bohle,


Mang kapa mang ya tla tswela seterateng, kantle ho ntlo ya hao, ke di-bonwa-ke-yena, mme ha re na ho ba le molato. Empa mang kapa mang ya tla ba le wena ka tlung, ha a ka bolawa, madi a hae a tla botswa ho rona.


ba kgethilweng ka morero wa Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya o Halalelang, e le hore ba tle ba mamele Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae, ke re: Le ke le ekeletswe mohau le kgotso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos