La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 1:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba ho bewa balaodi ba mosebetsi hodima sona, ho se tuba ka mesebetsi e boima. Ba hahela Faro metse ya mediko, Pithome le Ramsese.

Ver Capítulo

BIBELE

Yaba ba se beela balebedi ho se sebedisa ka thata, hore ba se hlokofatse ka mesebetsi ya bona e boima. Baiseraele ba hahela Faro metse ya Pitome le Ramesese, eo ho bolokwang dijo ho yona.

Ver Capítulo



Eksoda 1:11
21 Referencias Cruzadas  

Yaba o re ho Abrame: Tseba hoba ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ya bona, mme e tla ba bahlanka, mme ba tla tujwa ka dilemo tse makgolo a mane.


Yaba Josefa o bea ntatae le banababo, a ba nea sebaka naheng ya Egepeta, mononong wa naha, naheng ya Ramsese, kamoo Faro a neng a buile kateng.


le metse yohle ya mediko ya Salomone, le metse ya makoloi, le metse ya bakalli, le tseo Salomone a ithatetseng ho di haha Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle ya mmuso wa hae.


Ben-Hadade a mamela morena Asa, mme a roma balaodi ba makgotla a hae ho lwantsha metse ya Iseraele, mme ba kena Ijone, le Dane, le Abele-Maime, le metse yohle ya mediko ya Nefthali.


A haha le Thadmore feelleng, le metse yohle ya mediko e Hamathe,


ba ntse ba sepela le ditjhaba le mebuso le merabe,


Esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo,


— Israele a ke a rialo! — esale le botjheng ba ka, ba ntubile haholo; empa ha ba ka ba ntlhola.


Na le tla nne le phomole hara masaka? Mapheo a leeba a apesitswe ka silefera, le masiba a lona ka kgauta e tshehla.


Teng ka utlwa lentswe la eo ke neng ke sa mo tsebe pele; a re: Ke jarolotse lehetla la hae phahlo, matsoho a hae a lesitse ho jara seroto.


ba ba sulafaletsa bophelo ba bona ka mosebetsi o boima wa seretse le wa setene, le ka mesebetsi yohle ya masimo, mosebetsi oo, wohle wa bona ba ne ba ba sebedisa wona ka ho ba tuba.


Mehleng ya ha Moshe a se a hodile, a tswa ho ya etela banababo, a tadima ho tubeha ha bona, mme a bona monna wa Moegepeta a otla monna wa bahabo, wa Moheberu.


Jehova a re: Ke bone, ke bontshisitse ho tshwenyeha ha tjhaba sa ka Egepeta; ke utlwile ho meketsa ha bona bakeng sa batubi ba bona, hobane ke tseba mahlomola a bona.


Yaba bahlahlobi ba setjhaba le balaedi ba sona ba tswa, ba bolella setjhaba, ba re: Ho thwe ke Faro: Ha ke sa tla le nea setroi.


Yaba balaedi ba bana ba Iseraele ba ya, ba lla ho Faro, ba re: Ho ya kang, ha o etsetsa bahlanka ba hao jwalo?


Leha ho le jwalo, palo ya setene seo ba neng ba ntse ba se etsa pele, le nne le e batle ho bona, le se ke la e qephisa, hobane ba botswa, ke ka baka leo ba howahowang, ba re: A re yeng re ye ho hlabela Modimo wa rona sehlabelo.


Bohale bo soro, hlonamo ke ho tlala ha noka; haele lefufa, ke mang ya tla ema pela lona?


Bontata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra dula teng halelele. Empa Baegepeta ba re tubile, rona le bontata rona.


Baegepeta ba re etsa hampe, ba re hlorisa, ba re jarisa bohlanka bo thata.