Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 1:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa ba tswatswile ba ba tuba, ya eba hona moo ba atang, ba ngatafalang; mme ba teneha ke bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Empa leha Baiseraele ba ntse ba tujwa hakaalo, bona ba nna ba ngatafala, ba tlala hohle. Baegepeta ba tshoha bana ba Iseraele,

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 1:12
17 Referencias Cruzadas  

Yaba o re: Ke nna Modimo, Modimo wa ntatao; o se ke wa tshaba ho theohela Egepeta, hobane ke tla o etsa setjhaba se seholo teng.


Wa atisa bana ba bona, ba eba ka ka dinaledi tsa lehodimo, mme wa ba kenya lefatsheng leo o neng o boleletse bontata bona hore ba tla kena ho lona, ba le rue.


Athe bohale bo bolaya lehlanya, mme lewatla le bolawa ke mona.


Jehova a atisa setjhaba sa hae haholo, sa eba matla ho fetisa dira tsa sona.


A ba hlohonolofatsa, a ba ngatafatsa haholo, ha a ka a fokotsa bongata jwa makgomo a bona.


Ka baka lena, Modimo wa etsetsa babelehisi ka molemo, mme setjhaba sa ata, sa natlafala haholo.


Mme bana ba Iseraele ba ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholoholo, mme naha ya Egepeta ya tlala bona.


A re ho setjhaba sa hae: Bonang, setjhaba sa bana ba Iseraele ke sena se re feta ka bongata le ka matla.


Ha ho bohlale, ha ho kelello, ha ho le morero o ka lwantshang Jehova.


Bohale bo soro, hlonamo ke ho tlala ha noka; haele lefufa, ke mang ya tla ema pela lona?


Moabe a tshoha haholo ha a bona setjhaba se sekalo, a tshwarwa ke thothomelo ka baka la bana ba Iseraele.


Bafarisi ba bolellana ke hona, ba re: Lemohang hobane ha le thuse letho; bonang, lefatshe lohle le mo setse morao.


Mme re tseba hore dintho tsohle di sebedisana hammoho molemo wa ba ratang Modimo, e leng ba bitsitsweng ka morero wa wona.


Teng o tla bolela, o re pela Jehova, Modimo wa hao: Ntate e ne e le Moarame wa mosepedi; o ne a theohele Egepeta, a ahella teng a ena le batho ba seng bakaenyana; a fetoha teng setjhaba se seholo, se matla, se atileng haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos