Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 20:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bontata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra dula teng halelele. Empa Baegepeta ba re tubile, rona le bontata rona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Bo-ntata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra phela teng nako e telele. Baegepeta ba ile ba re tuba, ba tuba le bo-ntata rona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 20:15
16 Referencias Cruzadas  

Yaba o re ho Abrame: Tseba hoba ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ya bona, mme e tla ba bahlanka, mme ba tla tujwa ka dilemo tse makgolo a mane.


Ba nka makgomo a bona, le mesebetsi eo ba e ruileng naheng ya Kanana, ba tla Egepeta: Jakobo le lesika la hae kaofela;


bara ba hae le bara ba bara ba hae, baradi ba hae la baradi ba bara ba hae, mofuta wa hae wohle wa tla le yena Egepeta.


Eitse ka letsatsi la bosupa, ngwana a shwa. Bahlanka ba Davida ba tshaba ho mo tsebisa hore ngwana o timetse, hobane ba ne ba re: Bonang, ha esitile ngwana a sa phela, ra bua le yena, a mpa a se ke a re utlwa, o ya etsang ha re mmehela hobane ngwana o timetse?


a re: Ha le belehisa basadi ba Baheberu, mme le bona hoba ba se ba ya beleha, ere ha e le ngwana e motona, le mmolaye, mme ha ekaba ke ngwana wa mosetsana, a pholohe.


Yaba Faro o laela setjhaba sa hae kaofela a re: Bana bohle ba batona ba hlahang, le tle le ba lahlele nokeng, mme bana bohle ba batshehadi le ba tlohele.


Kahello ya bana ba Iseraele Egepeta e bile dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo.


Ba shapa balaedi ba bana ba Iseraele, ba beilweng hodima bona ke bahlahlobi ba Faro, ba re: Ke ka baka lang ha le sa ka la phetha mosebetsi wa lona wa ho etsa setene maobane le kajeno jwaloka pele?


Ke mang ya tla re fa nama, re je? Re sa hopotse dihlapi tseo re neng re di ja Egepeta re sa di reke, le dikomkomere, le mahapu, le sholoto, le dieie, le sofothafotha;


a ke ntho e nyenyane ha o re ntshitse lefatsheng le kollang lebese le dinotshi ho tla re bolaela nahathothe, haele mona o ipeile morena ho rona na?


Moshe ha a le Kadeshe, a romela manqosa ho morena wa Edomo, a re ho yena: Ho itswe ke ngwaneno Iseraele: O tseba mahlomola wohle ao re bileng le wona.


Ra howeletsa ho Jehova, a utlwa lentswe la rona. A roma lengeloi, mme a re ntsha Egepeta. Bona, re se re le Kadeshe, motse o pheletsong ya naha ya hao.


Jwale, Jakobo a theohela Egepeta, moo a shwetseng teng le bontata rona.


Eo a etsa ka mano ho setjhaba sa rona, a hlorisa bontata rona, a ba a ba lahlisa bana ba bona, hore ba tle ba se ke ba hlola ba ata.


Baegepeta ba re etsa hampe, ba re hlorisa, ba re jarisa bohlanka bo thata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos