Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 47:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba Josefa o bea ntatae le banababo, a ba nea sebaka naheng ya Egepeta, mononong wa naha, naheng ya Ramsese, kamoo Faro a neng a buile kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Josefa a bea ntatae le bana babo, a ba kgethela sebaka sa bodulo naheng ya Egepeta, moo naha e leng ntle, seterekeng sa Ramesese, jwalokaha Faro a ne a laetse.

Ver Capítulo Copiar




Genese 47:11
13 Referencias Cruzadas  

le tle le re: Bahlanka ba hao re disa mehlape esale le botjheng ba rona ho fihlela jwale, rona le bontata rona; le tle le dule naheng ya Goshene. Hobane badisa kaofela ba mehlape ke manyala ho Baegepeta.


Yaba Iseraele o aha lefatsheng la Egepeta, naheng ya Goshene, mme ba rua teng, ba ata, ba ngatafala haholoholo.


Naha ya Egepeta e pela hao; bea ntatao le banabeno naheng e fetisang ka botle, o ba bee naheng ya Goshene, mme ha o tseba banna ba mahlahahlaha hara bona, o ba bee bahlahlobi ba mehlape ya ka.


Yaba ho bewa balaodi ba mosebetsi hodima sona, ho se tuba ka mesebetsi e boima. Ba hahela Faro metse ya mediko, Pithome le Ramsese.


Bana ba Iseraele ba tloha Ramsese, ba ya Sukkothe, e le banna ba maoto ba dikete tse makgolo a tsheletseng, kantle ho bana.


E tla ba yena tshiya ya kganya yohle ya ntlo ya ntatae, ya mahlomela le ya makala, le ya dipitsana, ho qala ka dipitsa tsa mehope ho isa ho dijana kaofela.


Ba tloha Ramsese ka kgwedi ya pele, ka tsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi ya pele. Ka tsatsi le hlahlamang la Paseka, bana ba Iseraele ba tswa ka matla pontsheng ya Baegepeta kaofela,


Senokwane ha se tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa feela; nna, ke tlile hore di be le bophelo, di bo bone ka ho fetisisa.


Nna ke di fa bophelo bo sa feleng, mme di ke ke tsa timela le ka mohla o le mong, mme ha ho motho ya ka di utlang letsohong la ka.


Meaho e mangata ka tlung ya Ntate; hojane ha ho jwalo, nka be ke le boleletse; ke ya ho le lokisetsa bodulo.


Jesu a araba, a re ho yena: Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka; Ntate o tla mo rata, mme re tla tla ho yena, re ahe ho yena.


hobane o mo neile borena hodima nama yohle, hore bohle bao o mo neileng bona a ba nee bophelo bo sa feleng.


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le nna, ba tle ba tadime kganya ya ka, eo o nneileng yona; hobane o nthatile lefatshe le eso ho thewe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos