Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 15:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yaba o re ho Abrame: Tseba hoba ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng eo e seng ya bona, mme e tla ba bahlanka, mme ba tla tujwa ka dilemo tse makgolo a mane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Yaba Morena o re ho Aborame: “Tseba hore ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba; di tla etswa makgoba teng, mme di tla hatellwa ka dilemo tse makgolo a mane.

Ver Capítulo Copiar




Genese 15:13
26 Referencias Cruzadas  

Empa bona ba tla kgutlela kwano ka leloko la bone, hobane ho fihlela moo, bokgopo jwa Baamore bo ya be bo eso ho tlale.


Mme lefatshe la bojaki ba hao, lefatshe lohle la Kanana, ke le nea wena le ditloholo tsa hao tse kamora hao, le le rue ka ho sa feleng, mme ke tla ba Modimo wa bona.


Ba ba ba re ho Faro: Re tlile ho jaka naheng ena, hobane ha ho makgulo a mehlape ya bahlanka ba hao, ka hoba tlala e kgolo naheng ya Kanana, mme re a o rapela jwale, hore bahlanka ba hao ba ke ba ahe naheng ya Goshene.


Hobane o ne a hopotse lentswe la hae le kgethehileng, a hopotse le Abrahama, mohlanka wa hae.


Yaba ho bewa balaodi ba mosebetsi hodima sona, ho se tuba ka mesebetsi e boima. Ba hahela Faro metse ya mediko, Pithome le Ramsese.


Baegepeta ba tuba bana ba Iseraele ka bokgoba;


ba ba sulafaletsa bophelo ba bona ka mosebetsi o boima wa seretse le wa setene, le ka mesebetsi yohle ya masimo, mosebetsi oo, wohle wa bona ba ne ba ba sebedisa wona ka ho ba tuba.


Modimo wa utlwa ho dumaela ha bona, mme Modimo wa hopola selekane sa wona le boAbrahama le Isaaka le Jakobo.


O se ke wa hatakela le ho tuba moditjhaba, hobane le lona le bile baditjhaba lefatsheng la Egepeta.


O se ke wa tuba moditjhaba; le lona le tseba maikutlo a moditjhaba hobane le bile baditjhaba lefatsheng la Egepeta.


Tloo he jwale, ke o rome ho Faro, mme setjhaba sa ka, bana ba Iseraele, o ba ntshe Egepeta.


mme ke itse: Ke tla le ntsha mahlomoleng a Egepeta, ke le ise lefatsheng la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Baheve, le la Bajebuse, lefatshe le kollang lebese le dinotshi.


Ke theohile ho ba namolela matsohong a Baegepeta, le ho ba ntsha naheng eo, ke ba ise naheng e ntle, e kgolo, naheng e kollang lebese le dinotshi, moo ho ahileng Bakanana, le Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse.


le etse moditjhaba jwalokaha le etsa ya tswaletsweng ha habo lona, mme le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Bontata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra dula teng halelele. Empa Baegepeta ba re tubile, rona le bontata rona.


Eitse ha nako e se e atametse eo Modimo o tla phetha pallo eo o neng o e anetse Abrahama, setjhaba sa ata, sa anafala Egepeta.


Ha ho le jwalo, seo ke se bolelang, ke hoba selekane se tiisitsweng pele ke Modimo hodima Kreste, molao o tlileng kamora dilemo tse makgolo a mane a mashome a mararo ha o a ka wa se fedisa hore pallo e fetohe lefeela.


Le lona, ratang moditjhaba, etswe le bile baditjhaba naheng ya Egepeta.


O hopole hobane o bile mofo fatsheng la Egepeta, le hobane Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitse teng ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng; ke ka baka leo, Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho boloka letsatsi la phomolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos