Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 1:11 - BIBELE

11 Yaba ba se beela balebedi ho se sebedisa ka thata, hore ba se hlokofatse ka mesebetsi ya bona e boima. Baiseraele ba hahela Faro metse ya Pitome le Ramesese, eo ho bolokwang dijo ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba ho bewa balaodi ba mosebetsi hodima sona, ho se tuba ka mesebetsi e boima. Ba hahela Faro metse ya mediko, Pithome le Ramsese.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 1:11
21 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena o re ho Aborame: “Tseba hore ditloholo tsa hao e tla ba bajaki naheng ya baditjhaba; di tla etswa makgoba teng, mme di tla hatellwa ka dilemo tse makgolo a mane.


Josefa a bea ntatae le bana babo, a ba kgethela sebaka sa bodulo naheng ya Egepeta, moo naha e leng ntle, seterekeng sa Ramesese, jwalokaha Faro a ne a laetse.


le metse yohle ya Solomone, e nang le disiu, le metse eo ho bolokwang dikariki tsa ntwa ho yona, le metse ya bahlabani ba palamang, le tsohle tseo Solomone a neng a lakatsa ho di etsa Jerusalema, le Lebanone, le naheng yohle eo a neng a e busa.


Bene-Hadade a ananela mantswe ao a kgosi Asa. A romela balaodi ba mabotho a hae ho futuhela metse ya Iseraele. Ba ripitla motse wa Ione, le wa Dane, le wa Abele-Maime, le metse yohle ya Nafthali e nang le disiu.


A tsosa le Tademore e lehwatateng, le metse e meng eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, eo a neng a ile a e haha Hamate.


ba ntse ba lelera hara ditjhaba, ba tloha mmusong o mong, ba eya ho o mong,


Sefela sa ho nyolohela Jerusalema. Haesale ba ntshwenya haholo ho tloha botjheng ba ka, Iseraele a ke a rialo,


haesale ba ntshwenya haholo ho tloha botjheng ba ka, empa ha ba a ka ba ntlhola.


“Dikgosi le mabotho a tsona di balehile, di balehetse ruri!” Basadi ba setseng hae ba arola tse hapilweng.


ke temoso eo a neng a e nee leloko, a e nea leloko la Josefa, mohla le tswang naheng ya Egepeta. Ka utlwa lentswe ke sa le tsebe, le re:


Ba ba sulafaletsa bophelo ka ho ba sebedisa ka thata mosebetsing wa ho etsa ditene ka letsopa, le mesebetsing yohle ya masimong; le mesebetsing yohle ya bona, eo ba neng ba ba sebedisa yona ka thata.


Ka tsatsi le leng, ha Moshe a se a hodile, a etela bana babo, mme a bona mosebetsi o boima, oo ba o etsang. Ke ha a bona monna wa Moegepeta a otla monna wa Moheberu wa ba habo Moshe.


Yaba Morena o re: “Ke bone matshwenyeho a setjhaba sa ka se Egepeta; ke utlwile le sello sa sona, se bakwang ke bahlorisi ba sona, mme ke tseba ditlhokofatso tsa sona.


Bahlorisi ba setjhaba le baokamedi ba basebetsi ba tswa, ba ya bua le setjhaba, ba re: “Faro o buile tjena: ‘Ha ke sa tla hlola ke le nea seteroi!


Baokamedi ba bana ba Iseraele ba fihla, ba lla ho Faro, ba re: “Ke ka baka lang ha o etsa bahlanka ba hao tjee?


Empa palo ya ditene tseo ba neng ba di etsa pele, yona ba nne ba e etse; le se ke la e fokotsa le hanyenyane feela, hobane ba botswa; ke ka baka lena ba ntseng ba lla, ba re: ‘Re lokolle, re yo etsetsa Modimo wa rona sehlabelo.’


Kgalefo e sehloho, bohale bo a tlokoma, empa mona o ka engwa ke mang kapele?


Bo-ntata rona ba ne ba theohele Egepeta, mme ra phela teng nako e telele. Baegepeta ba ile ba re tuba, ba tuba le bo-ntata rona.


Baegepeta ba re tshwara hampe, ba re hlorisa, ba re sebedisa ka thata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos