Nka be ke fela ka le jara ka lehetla la ka, nka ba ke le rwala phatleng jwaloka moqhaka!
BaFilipi 4:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, bana beso ba ratwang, ba hlolohelwang haholo, lona bao le leng thabo ya ka, le moqhaka wa ka, ha le ke le tiye jwalo Moreneng, baratuwa. BIBELE Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, banabeso ba ratwang, bao ke ba hlolohetsweng, lona thabo ya ka le moqhaka wa ka, le eme le tiile jwalo Moreneng, baratuwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, banabeso ba ratwang, bao ke ba hlolohetsweng, lona thabo ya ka le moqhaka wa ka, le eme le tiile jwalo Moreneng, baratuwa. |
Nka be ke fela ka le jara ka lehetla la ka, nka ba ke le rwala phatleng jwaloka moqhaka!
Ba itshepetseng Jehova ba jwaloka thaba ya Sione e ke keng ya sisinyeha, e tiileng ka ho sa feleng.
Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.
Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ekare ha le tiisetsa lentsweng la ka, le tla ba barutuwa ba ka ka nnete;
Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa kaofela ho tiisetsa ho Morena ka pelo e pheheletseng.
ba ntse ba tiisa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, mme ba ba lekanyetsa hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.
Ba ne ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya boena, le ho ngwathweng ha bohobe, le merapelong.
Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;
Ka baka leo, banabeso ba ratwang, tiyang matla, le se ke la sisinyeha, mme le nne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi wa lona e ke ke ya eba wa lefeela Moreneng.
jwalokaha le fela le re tsebile ka nqa tse ding, hoba ke rona re leng thoriso ya lona, jwalokaha le lona le tla ba ya rona, ka letsatsi la Morena Jesu.
Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la bofjwa jokong ya bohlanka.
Feela, le itsamaeleng ka mokgwa o tshwanelang Evangeli ya Kreste; hore leha, nka tla, ka le bona, leha nka ba siyo, ke nne ke utlwe taba tsa lona tsa hore le ntse le eme moyeng o le mong le pelong e le nngwe, le ntse le lwanela hammoho tumelo ya Evangeli,
ke tle ke tsebe ho ithorisa ka letsatsi la Kreste, ka hore ha ke a ka ka mathela lefeela, leha e le ho sebeletsa lefeela.
Hobane o ne a le hlolohetswe haholo bohle, mme o ne a belaela haholo kahobane le utlwile ho kula ha hae.
Epafrase wa ha heno, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa; o ntse a le lwanela kamehla merapelong ya hae, hore le ke le eme le phethehile, mme le kgodise ka ho etsa ho rata hohle ha Modimo.
a tle a tiise dipelo tsa lona; di hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, ho tleng ha Morena wa rona Jesu Kreste hammoho le bahalaledi ba hae bohle.
Ka baka leo, banabeso, le eme le tiile, mme le tiise dipolelo tseo le di rutilweng, leha e le ka molomo, leha e le ka lengolo la rona.
A re tiiseng kano ya tumelo ya rona, re se na ho sisinyeha; hobane ya re tshepisitseng o a tshepeha.
Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;
Erekaha re ena le mopirsta e moholo ya nang le boholo bo bokalo, e leng Jesu, Mora Modimo, ya pholleditseng ka mahodimo, a re tiiseng kano ya rona.
Haele lona, baratuwa, ha le se le itsebetse tseo pele, itebeleng, le se tshohe le hulanngwa le ba bang ke thetso ya ba manyala bao, mme la timellwa ke ho tiya ha lona;