Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 10:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 A re tiiseng kano ya tumelo ya rona, re se na ho sisinyeha; hobane ya re tshepisitseng o a tshepeha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 A re tiisetseng ho bolela tshepo ya rona re sa thekesele, hobane ya re tshepisitseng o a tshepahala.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

23 A re kgomareleng boipolelo ba tumelo ya rona, re sa thekesele; (hobane ya tshepisitseng o a tshepahala;)

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 A re kgomareleng boipolelo ba tumelo ya rona, re sa thekesele; (hobane ya tshepisitseng o a tshepahala;)

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 10:23
16 Referencias Cruzadas  

Nkahlolele, Jehova! hobane ke phela ka toka ya ka; ke itshepetse Jehova, ha ke sisinyehe.


e nne e be teng ka hosasa ho hong le ho hong. Botshepehi ba hae bo boholo.


Modimo, o le bileditseng kopanong le Mora wa wona Jesu Kreste, Morena wa rona, o hlile o a tshepeha.


Ha le eso ho ka le hlahelwa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Modimo o a tshepeha, o ke ke wa dumela hore le hlahelwe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tswa ho wona, le tle le tsebe ho o jara.


Ba tla rorisa Modimo, ha ba bontshwa ka dithuso tseo hoba le na le kutlo Evangeling ya Kreste, eo le ipitsang ka yona, le hore le na le phano ya sebele ho bona, le ho bohle.


Ya le bitsang o a tshepeha, ke yena ya tla etsa le hona.


Empa Morena o a tshepeha; ke yena ya tla le tiisa le ho le sireletsa ho e mobe.


ba tle ba be le tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o sa thetseng o bo baletseng batho, lefatshe ha le ne le eso ho be teng,


Ka tumelo, Sara le yena o filwe matla a ho emola peo, a ba a tswala a se a tsofetse, kahobane a ne a dumetse hoba ya mmaletseng ke ya tshepehang.


Ka baka leo, banabeso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ya lehodimo, le ke le lemohe Jesu Kreste, moapostola le moprista e moholo wa tumelo eo re leng ho yona;


Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;


Empa Kreste o bile kgabane pusong ya ntlo ya wona ka mokgwa wa Mora; mme ntlo ya wona ke rona, ha re boloka, ka ho tiya, tshepo le thabo ya tebello ya rona ho fihlela la bofelo.


Erekaha re ena le mopirsta e moholo ya nang le boholo bo bokalo, e leng Jesu, Mora Modimo, ya pholleditseng ka mahodimo, a re tiiseng kano ya rona.


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


Feela, a kope ka tumelo, a se ke a dikadika; hobane motho ya dikadikang o jwaloka leqhubu la lewatle le tsukutlwang, le akgelwang hohle ke moya.


Bona, ke se ke etla kapele. Boloka seo o nang le sona, e mong a tle a se ke a nka moqhaka wa hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos