Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 10:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

22 Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka, empa ya tla tiisetsa ho isa qetellong, o tla pholoswa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

22 Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 10:22
30 Referencias Cruzadas  

Molotsana ke manyala ho ba lokileng; ya kgabane ke manyala ho motho ya kgopo.


Ya bolokang bophelo ba hae, o tla timellwa ke bona; empa ya lahlehelwang ke bophelo ba hae ka baka la ka, o tla be a bo bone.


Empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Mohlang oo, le tla neelwa ho tshwenngwa, le tla bolawa, mme le tla hlouwa ke ditjhaba tsohle ka baka la lebitso la ka.


Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata.


Le tla hlouwa ke bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


mme le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka.


Le tla boloka meya ya lona ka sebete sa lona.


Le tla ba le lehlohonolo mohla batho ba le hloyang, ba le kgethang, ba le hlapaolang, mme ba lahla lebitso la lona jwaloka eka le lebe, ka baka la Mora motho.


Mme tse wetseng mobung o motle, ke ba utlwileng lentswe ka dipelo tse ntle, tse molemo; ba le boloka, mme ba beha dijo ka tiisetso.


Ke ba file lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, kahobane e se ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.


Lefatshe le ke ke la le hloya; empa nna, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ya lona e mebe.


mme ke tla mmontsha boholo ba bohloko boo e ka kgonang a bo utlwe ka baka la lebitso la ka.


Ba batlang kganya, le hlompheho, le ho se bole, ka ho tiisetsa ho etsa hantle, o ba nee bophelo bo sa feleng;


Hobane rona ba phelang, re ntse re tellwa lefu kamehla ka baka la Jesu, hore le bona bophelo ba Jesu bo tle bo bonahale nameng ya rona e shwang.


Re se ke ra kgathala ke ho etsa hantle, hobane re tla kotula nakong ya teng, ha re sa tepelle.


Hobane re filwe kabelo ho Kreste, ha re fela re tiisetsa, ho fihlela la bofelo, ho seo e leng motheo wa tshepo ya rona;


Empa re rata hoba e mong le e mong a ka nna a hlahisa tjheseho yona eo ho isa qetellong, tshepo ya lona e tle e phethehe;


Ho lehlohonolo motho ya mamellang moleko; hobane etlare hobane a hlole moleko, o tla newa moqhaka wa bophelo, oo Morena a o baletseng ba mo ratang.


Se makaleng, banabeso, ha lefatshe le le hloile.


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja manna a patilweng, ke be ke mo fe le lejwe le lesweu, leo ho ngodilweng ho lona lebitso le letjha, le sa tsejweng ke motho, haese ke ya le amohelang.


Ya hlolang, mme a tiisetsa ho etsa mesebetsi ya ka ho isa qetellong, ke tla mo fa mmuso hodima ditjhaba:


hape, o na le sebete; o mameletse bothata ka baka la lebitso la ka, mme ha o a ka wa kgathala.


Ya nang le ditsebe a utlwe seo Moya o se bolellang dikereke: Ya hlolang, ke tla mo fa ho ja sefate sa ho phela, se kahara Paradeise ya Modimo.


Ya hlolang, ke tla mo fa ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos