Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 4:1 - Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Ka baka leo, banabeso ba ratwang, bao ke ba hlolohetsweng, lona thabo ya ka le moqhaka wa ka, le eme le tiile jwalo Moreneng, baratuwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka baka leo, bana beso ba ratwang, ba hlolohelwang haholo, lona bao le leng thabo ya ka, le moqhaka wa ka, ha le ke le tiye jwalo Moreneng, baratuwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Ka baka leo, banabeso ba ratwang, bao ke ba hlolohetsweng, lona thabo ya ka le moqhaka wa ka, le eme le tiile jwalo Moreneng, baratuwa.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 4:1
35 Referencias Cruzadas  

Le tla hlouwa ke batho bohle ka baka la lebitso la ka; empa ya tiisetsang ho isa qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Yaba Jesu o re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka ka sebele;


Eitse ha a fihla, mme a bona mohau wa Modimo, a thaba, mme a ba kgothatsa bohle hore ba kgomarele Morena ka sepheo sa pelo.


Ba tiisa meya ya barutuwa, ba ba kgothatsa ho tiya tumelong, le hore e ka kgona re kene mmusong wa Modimo ka matshwenyeho a mangata.


Ba nna ba tiisetsa thutong ya baapostola, le kopanong ya boena, le ho ngwathweng ha bohobe, le merapelong.


Ba ba batlang kgalalelo le tlotlo le bosasweng ka bopelotelele mo go direng molemo;


Ka baka leo, banabeso ba ratwang, le tiye, le se ke la sisinyeha, le atlehise kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hore mosebetsi wa lona hase wa lefeela Moreneng.


Itebeleng, le eme le tiile tumelong, le be banna, le be matla.


Jwalokaha le re tsebile ka nqa e nngwe, hore re thabo ya lona, jwalokaha le lona le le ba rona ka tsatsi la Morena Jesu Kreste.


Emang ke hona tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka yona, mme le se ke la boela la tshwaswa joko ya bohlanka.


Feela hore metsamao ya lona e be kamoo e tshwanelang Evangeli ya Kreste kateng, hore leha ke tla ho le bona, leha ke se ke le siyo, ke utlwe ditaba tsa lona, hore le eme le tiile moyeng o le mong, ka kgopolo e le nngwe le lwanela tumelo ya Modimo evangeli;


Hobane Modimo ke paki ya ka ya kamoo ke le hlolohetsweng bohle kateng, ka lerato la Kreste Jesu.


Le tiisitse lentswe la bophelo; e le hore ke tle ke ithorise ka letsatsi la Kreste, hore ha ke a ka ka mathela lefeela, leha e le ho sebeletsa lefeela.


Hobane o ne a le hlolohetswe bohle, mme o ne a tsielehile, kahobane le ne le utlwile hore o ne a kula.


Epafrase, e mong wa lona, mohlanka wa Kreste, o a le dumedisa, a dula a ntse a le etsetsa merapelo e tiileng, hore le tle le eme le phethehile, le phethehile thatong yohle ya Modimo.


A tle a tiise dipelo tsa lona, le hloke sekodi kgalalelong, pela Modimo, Ntata rona, mohla Morena wa rona Jesu Kreste a tlang le bahalaleli bohle ba hae.


Ka baka leo, banabeso, emang le tiile, le tshwarelle meetlo eo le e rutilweng, leha e ka ba ka lentswe kapa ka lengolo la rona.


Haele wena, mora wa ka, o be matla mohaung o ho Kreste Jesu.


A re kgomareleng boipolelo ba tumelo ya rona, re sa thekesele; (hobane ya tshepisitseng o a tshepahala;)


Hobane re ba le kabelo ho Kreste, ha re ka tiya tshimoloho ya tshepo ya rona ho isa qetellong;


Ka baka leo, erekaha re na le moprista e moholo ya kenetseng lehodimong, Jesu Mora wa Modimo, a re tiiseng boipolelo ba rona.


Ha ho le jwalo, lona, baratuwa, erekaha le tsebile taba tseo pele, iponeleng, le tle le se ke la kgeloswa ke timelo ya ba kgopo, la wa ho tiiseheng ha lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos