Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Timothea 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Haele wena, mora ka o iphe matla mohaung o ho Jesu Kreste.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Jwale wena ngwanaka, o matlafale ka mohau wa Kreste Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

1 Haele wena, mora wa ka, o be matla mohaung o ho Kreste Jesu.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Haele wena, mora wa ka, o be matla mohaung o ho Kreste Jesu.

Ver Capítulo Copiar




2 Timothea 2:1
14 Referencias Cruzadas  

Jwale, kgothala, Sorobabele! ho bolela Jehova; Kgothala, le wena Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake! Kgothalang, le lona setjhaba sohle sa naha ena, ho bolela Jehova, le be le sebetse; hobane ke na le lona, ho bolela Jehova wa makgotla;


Fadimehang, le tiye tumelong; le etse ka senna, le matlafale.


Qetellong, banabeso, tiyang Moreneng le matleng a hae a sa sitweng ke letho.


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mphang matla.


Timothea, ngwana ka, taelo eo ke o beelang yona ke hore, jwalokaha ho kile ha porofetwa pele hodima hao, o nne o lwane ntwa e molemo, o ntse o eya ka tseo tse porofetilweng;


ke ngolla Timothea, mora wa ka wa sebele tumelong, ke re: O newe mohau, le lereko, le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka thato ya Modimo, ka baka la pallo ya bophelo bo ho Jesu Kreste;


ke ngolla Timothea, mora wa ka ya ratwang, ke re: O ke o newe mohau, le lereko, le kgotso, ke Modimo Ntate, le ke Jesu Kreste, Morena wa rona.


Hobane Modimo ha o a ka wa re nea moya o boi, empa e le wa matla, le wa lerato, le wa kelello.


Ke mamella tsohle ke hona ka baka la bakgethwa, hore le bona ba ke ba rue poloko e ho Jesu Kreste, le kganya e sa feleng.


Empa Morena a nkemela, mme a nkenya matla, hore polelo ya Evangeli ya hae e phethehe ka nna, mme ditjhaba tsohle di e utlwe; mme ke namoletswe molomong wa tau.


Feela o iphe matla, o etse ka senna haholo, o hlokomele ho etsa ka molao wohle oo Moshe, mohlanka wa ka, a o laetseng wona. O se ke wa o kgeloha ho ya ka ho le letona, leha e le ho le letshehadi, o tle o atlehe kahohle moo o yang teng.


le mpe le hole mohaung le tsebong ya Jesu Kreste, Morena le Mmoloki wa rona. Ho yena e be kganya jwale le mehleng e sa feleng! Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos