2 Samuele 1:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka la boraro, ha tshoha ho fihla monna ya tswang ntweng, ho Saule, a hahotse diaparo tsa hae, a ithuntsheditse ka mobu hloohong. Eitse ha a fihla ho Davida, a itihela fatshe, a kgumama. BIBELE Ka letsatsi la boraro a bona ho fihla monna ya tswang diahelong tsa Saule tsa ntwa, diaparo tsa hae di haraswane, hloohong a itshetse ka mobu. Yare ha a fihla ho Davida a itihela fatshe ho isa hlompho. |
Yare ha Rubene a kgutlela lemeneng, a fumana Josefa a le siyo ka lemeneng, mme a hahola diaparo tsa hae,
Yaba Jakobo o hahola dikobo tsa hae, a itlama letheka ka lesela le mahwashe, a llela mora wa hae ka ditshiu tse ngata.
Ba re: Mohlanka wa hao, ntata rona, o dutse hantle, o sa ntse a pholohile. Ba inama, ba kgumama.
Tamare a ithuntshetsa melora hloohong, a hahola le kobo e mebalabala eo a e apereng, a bea letsoho la hae hloohong ya hae, a ikela a ntse a bokolla.
Ha ho le jwalo, mosadi eo wa Tekowa a tla, a bua le morena; a fihla a inamela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Thusa, morena!
Davida eitse ha a fihla hlorong ya thaba moo Modimo o sebeletswang teng, Hushai Moarke a tla mo kgahlanyetsa, a hahotse kobo ya hae, a le dithole hloohong.
Eitse Arauna ha a tadima, a bona morena le bahlanka ba hae ba etla ho yena. Yaba Arauna o tloha, a ya, a inamela fatshe ka sefahleho pela morena.
Bona, Saule o timetse; a lekanya eka o ntsebisa tse tla nthabisa; ka mpa ka mo tshwara, ka mmolaela Tsiklage, ya eba hona moputso wa peho ya hae.
Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.
Ka tsatsi la boraro, Esthere a apara seaparo sa hae sa bofumahadi, mme a itlhahisa lebaleng le kahare ho ntlo ya morena, kapele ho ntlo ya morena; morena o ne a dutse teroneng ya mmuso wa hae tlung ya borena, maloka le monyako wa ntlo.
Ereng ho Modimo: Mesebetsi ya hao e tshabeha hakakang! Ka baka la boholo ba matla a hao, dira tsa hao di ipea katlase ho wena;
Ba tla lla ka wena, ba bokolle habohloko, ba ithuntshe dihlooho ka lerole, ba bidikane moloreng.
Hoba ho fete matsatsi a mabedi, o tla re pholosa; la boraro a re emise, re phele pela hae.
Haholang dipelo tsa lona, e seng diaparo tsa lona, le kgutlele ho Jehova, Modimo wa lona; hobane o mosa, o lereko, o pelo e telele, o atisa ho hauhela, o qenehela bao a itseng o tla ba otla.
Hobane jwaloka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ya hlapi e kgolo, Mora motho le yena o tla ba maleng a lefatshe matsatsi a mararo le masiu a mararo.
Ho tloha mohlang oo, Jesu a qala ho hlalosetsa barutuwa ba hae hore e ka kgona a ye Jerusalema, a utlwiswe bohloko bo boholo ke baholo le baprista ba baholo le bangodi, mme a bolawe, a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro.
Yaba Joshua o hahola diaparo tsa hae, a itabanya fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, ya ba ya eba mantsiboya, a ena le baholo ba Iseraele, ba ithuntsheditse dihlooho ka dithole.
Bona, ke o neela ba bang ba sinagoge ya Satane, ba ipitsang Bajuda, athe hase bona, ba mpa ba le leshano. Bona, ke tla ba tlisa hore ba kgumame pela maoto a hao, mme ba tla tseba hobane ke o ratile.
Eitse hobane mohlankana a tsamaye, Davida a hlaha nqa borwa, a itihela fatshe ka sefahleho, a inama hararo, mme ba akana, ba lla haholo; haholo ha lla Davida.
Abigaile, ha a bona Davida, a phakisa a theoha eseleng, a itihela fatshe ka sefahleho sa hae, a inamela fatshe.
Ebile monna e mong, wa Mobenjamine, o tloha ntweng, a matha, a tla Silo ka lona tsatsi leo, a hahotse diaparo tsa hae, a le dithole hloohong.
Ebile monna eo o re ho Eli: ke tswa ntweng, ke tswa baleha sereng kajeno. Yena a re: Taba ho hlahile efe, ngwana ka?